By: ‘Moelo Motsiri
MASERU
Kompone ea Kaeane Renewable Developers ke khoebo e ngolisitsoeng ka molao ka 2022, e etsa mosebetsi oa ho kenya likhase, ba sebelisa likhoerekhoere le bohlasoa bo bolang, tse kang lijo tsa lifariki, mantle a liphoofolo le litlamatlama. Khase ena bae kenya malapeng, likomponeng tse kholo le likolong, ho sebelisoa li litanka tsa Basuka le li fixed dome.
Relebohile Pitso ke mosali ea ithukhubelitseng leho tlisa liphetoho ka hara kompone ea Kaeane Renewable Developers. O lilemo li mashome a mabeli a metso e supileng, e ile ea ba moithuti oa sekolo se phahameng sa Lerotholi Polytechnic moo teng a neng a etsa tsamaiso ea khoebo.
Mosebetsi oa hae ka hare ho kompone ena ke ho sheba menyetla ea hore naa khoebo e hola joang, le hore naa ke li kompone lifeng tseo baka sebetsang le tsona ho fihlela lipehelo tsa bona, empa eka sehlohlolong ke ho hohela batseteli, leho bona hore li porojeke tse teng li tsamaea ka thello.
Ka lerato la tikoloho le khoebo, Relebohile o kene ka hara kompone ena ho thusa leho tlisa litharollo tse tsepameng tsa tšebeliso e ntle ea likhoerekhoere le bohlasoa bo bolang holatela lerato la hae laho loantša phetoho ea leholimo le matlafatso ea basali ea matla a matala (green energy).
Ho fihleng hoa hae ka hara kompone ee, o ile a tšoara molepo tsamaisong ea teko ea kopo ea hore kompone e fehle motlakase eseke ea fehla khase fela, ele ho ntlafatsa tšebetso ea eona, le hore e etse tšebetso e ncha, e tlo thusa hore e hole. ‘Me sena ebile khatelo pele e kholo eo eleng hore ba se ntse ba sebetsana le eona hore e kene tšebetsong.
Relebohile o boetse a tiisa ka matla tlholisano ea boleng ea Kaeane le likhoebo tse ling tse etsang lit’sebeletso tse tšoanang le tsa eona, a sebetsa ka matla ho tlisa porokereme ea (Financial Incubation Program) hotla ba thusana ka lichelete ka hara kompone. ‘Me sena ke tlotla e kholo e kenyang letsoho kholong ea kompone ea Kaeane.
“Lintlafatso hase tsena fela, ke boetse ke kopane le bo’m’e ba bang ba Kaeane mona ho theha mokhatlo oa basali o ntšetsang pele le ho boloka green energy ele paballo ea tikoloho, hobane motlakase kapo khase tse entsoeng ka green energy ha li silafatse tikoloho,” o rialo.
Ho fihleng hoa hae, Relebohile o entse bonnete ba hore kompone e tloha boemong bo tlase hoea hobo holimo, o entse hore tšebetso e matlafale. O hlalositse hore boteng ba hae o ntlafalitse tšebetso mme Kaeane ena le li tanka tsa Basuka tse etsang khase ka bongata ebile tse ling tsa tsona li ahiloe ‘Melesi Lodge le sekolong se seholo sa New Milllenium.
O tsoetse pele a bontša hore o atlehile ho tiisa maqhama a Kaeane le likhoebo tse ling, aba a tlisa batseteli ka hara kompone bao akekeng aba bolela koranteng mona. Haa qetella Relebohile o bont’sitse monyaka le thabo ea hae mabapi le t’sebetso le li ntlfatso tseo ali tlisitseng Kaeane.
“Ke motlotlo ka ho ba karolo ea liphetoho tsena, ke thabela ho bona kompone e hola, e kenyelletsa lintharollo tse ncha tsa tikoloho le ho thusa sechaba ka renewable energy. Ka mosebetsi ona re thusa sechaba ho fokotsa litšila, ho hlahisa matla a hloekileng, le ho aha bokamoso bo botle ba naha” ho rialo Relebohile.
Basali ba bont’sa ba sebetsa ka matla, ho ithukhubetsa leho tlisa liphetoho likhoebong le likomponeng ka ho fapana. Taba eo e thabisa haholo hobane e khothatsa le ba bang ba ntseng ba batla ho kena ka hara likhoebo le ba seng ba kene ka hara tsona hore ba tiise ho akofisa likhoebo tseo tsa bona kapo tsona likompone tseo baleng ka hara tsona. Taba ena e boela e bontša hape hore basali le bona bana le bokhoni ba ho tla ka maoala a tlisang liphetoho.