Ka: ’Moelo Motsiri
MASERU
Ele ho akofisa, polokeho le ho fetola bophelo ba bana ba Basotho, qhoku ea khale khoebong ‘Makananelo Monese o ntlafatsa leho pholosa sechaba kaho theha khoebo e bitsoang Cecy’s Evergreen.
‘Makananelo Monese ke mosali oa Mosotho ea lilemo li mashome a mane. Ke qhoku ea khale e ratileng khoebo ho tloha bonyenyaneng. O qalile ale ‘marakeng oa thekiso ea liapole, ho tloha moo a kena ho tse ling tse ngata likhoebo. Kajeno o menahane le mehlala a theha khoebo ea tlhahiso ea linoko (spice) ka litlama tse bonahalang li le bohlokoa bophelong ba sechaba.
Cecy’s Evergreen ke khoebo e hlahisang linoko tsa boleng tse entsoeng ka ho kopanya litlama tse fapaneng tse kang, phoofo ea hanyanese, rosemary, kaliki le ograno tse kopangoang ha ‘moho ho etsa linoko tsena tsa litlama (mixed herbs spice). Khoebo ena e thehiloe khoeling tse tharo tse fetileng.
Makananelo o hlalositse hore o khethile ho theha khoebo ea mofuta ‘ona ka lebaka la maemo ao re seng re phela ka hara oona haajoale. “Ho tsoa ho bo ‘maphepo le lingaka, rese re khothaletsoa ho ja lijo tseo re itlhaiselitseng tsona ho qoba mafu.”
“ke oona mabaka ana a entseng hore ke qale khoebo eena ea mofuta oona,” ho rialo ‘Makananelo.
‘Makananelo o tsoetse pele a bontša hore haa etse linoko tsena ka hlooho e ntšo empa o tsamaile lithupelo moo ba rutuoeng ho li etsa, ‘me o tiisetsa sechaba hore se bolokehile, li tlo ba thusa haholo bophelong ba bona.
Puisanong le koranta ea Informative, ‘makhoebo enoa o bontšitse melemo ea linoko tsena: o ba khothalletsa ho baballa bophelo ba bona kaho li sebelisa ele ho fokotsa sekhahla sa tšebeliso tsa lipilisi kaha li senya sebete le tse ling tsa litho tsa ‘mele.
“Batho ba seng ba rekile linoko tsena ba mphile litlaleho tsa hore li fokolitse le ho beea taolong a mang a maemo a neng a hlobaetsa a bophelo ba bona.”
“Mechini ke qholotso e kholo, ke ile kaba ka sebelisa leloala la fatše ho sila litlama tsena, ele hore ke etse linoko. Tlhoko ena e keke ea nsitisa ho etsa mosebetsi oa ka, ke ka hona ke emeng ka maoto ho bona hore ke etsa matsepa a hore ke etse linoko tsena li atlehe,” ho rialo ‘Makananelo.
Haa buoa ka chebelo pele, o hlalositse hore lilemong tse tlang, o bona kholo le tsoelopele khoebong eena ea hae kaha atlo etsa maoala ohle ho bona hore e ea atleha. O lakatsa ho bona a ena le feme ea eona, ‘me etlo etsahala.
Ha a liella likhala, ‘Makananelo o etsa khoelehetso ho sechaba sa Basotho ho reka lihlahisoa tsena. O boletse hore ho boima ka hara khoebo, empa akeke a fela matla, o tlo ema ho fihlella e atleha etsoe mosali o tsoara thipa ka bohaleng!