Ka: ‘Moelo Motsiri
MASERU
Ele ho akofisa le ho ntlafatsa maphelo a batho ba anngoeng ke tšebetso ea morero, Lesotho Highlands Development Authority e ile ea etsa ‘moka oa ho fana ka likhatelo pele tsamaisong ea morero oa metsi a lihlaba.
‘Mokeng ‘ona, LHDA e fane ka lintlha tsa tsamaiso eaba ea bontša hore naa ha e hatela pele etlo etsa joang ho thusa leho otlolla letsoho la thuso bathong ba amehileng.
Mookameli oa LHDA, lefapheng la litaba tse amanang le sechaba, Mpho Brown, o hlalositse hore sepheo se seholo sa ‘moka ‘ona keho tla t’sohla litaba tsa khatelo pele le bohle bao morero o ba ammeng le hotla utloa haba fana ka maikutlo a bona naa morero o ba tšoere joang.
Brown o tsoetse pele a bont’sa hore, ‘moka ‘ona o simillotsoe monongoaha Manthabiseng convention center le bo mphato ba bona ba nang le seabo morerong oa metsi a lihlaba, ele ho t’sohla tsona litaba tsa tsamaiso, ke ka hoo ba boneng hole bohlokoaa ho etsa omong hape.
‘Mokeng oona ho ile hoa tšohloa likhatelo pele tseo LHDA etlo likenya tšebetsong ho ntlafatsa, ho akofisa le ho araba lillo tsa sechaba se amehileng ke t’sebetso ea morero ‘ona mmoho le tseo eseng e li kentse.
Hosale jwalo, Naleli Maretintši lefapheng la phallo le tsoelopele ea sechaba u hlalositse hore morero utlo etsa matsapa ohle ho khutlisa leho ntlafatsa maphelo a batho bao ba amehileng ke mosebetsi oa morero hore abe betere le hofeta pele.
U hlalositse hore morero utlo thusa batho bana ho etsa li porojeke tsa khoebo ka lichelete tsa bona tsa mat’siliso hore ba iphilise. “Re sebetsa le batho bana, bona baa buoa hore naa ba batla eng ka lichelete tseo tsa bona eka ntlafatsang maphelo a bona, ebe rea ba thusa le hona ho bafa tataiso,” ho rialo Maretintši.
U tsoetse pele a bontsa hore nakong e fitileng, morero ene ele ‘ona o thusang sechaba sena ho theha liporojeke tsena, empa jwale ba bone hore lia oela kaha ba hloka litsebo tse lekaneng, ka hoo, base batlo hira litsibi tabeng tsa khoebo ele khatelo pele.
A bolela hape le hore morero le ‘ona u behelletse ka thoko limilone tse seng kae hotlo thusa batho bao ka litlhoko tse kang bo litsela, metsi le motlakase.
Entse ele likhatelong pele, emong oa basebetsi ba LHDA lefapheng la tikoloho ‘Matšepiso Tlebere, u bontsitse hore ba ile baba le liqholotso tse ngata metseng le metsaneng ea batho bao, ‘me ke ka hoo ba etseng qeto ea hore batle ka likhatelo pele. U boletes hape hore ba hlokometse hore hone hose hona le litotoma moo balisana ba entseng moritaoke ba chikileng likoti ba re ba noesa likhomo empa ba batla ho cheka taemane, ke moo ba nkileng mothati oa ho tla ka khatelo pele eaho etsa li noelo tsa liphoofolo, ha khale line ntse lile siko.
Tlebere u hlalositse hore ho qoba tse ling tsa lintho tse silafatsang le hona ho senya boleng ba tikiloho tse kang bo ho chesa makhulo le ho cheka likoti, ba etsa li khohola qoqo ho kena metseng le metsaneng ho buoa le batho le ho ba bont’sa kotsi ea tsona. “Re entse mabanta ho thibela mollo raba ra aha li noelo tsa tsa liphoofolo ho thibela silafatso le tsenyo ea tikoloho,” ho rialo Tlebere.
Tlebere u qetelletse kaho hlalosa hore ntle le tse ling tseo morero o tlo li etsa, ea bohlokoa ke hore otlo patala lichelete tsohle tse saletseng morao tsa mat’sisiliso a sechaba.
Ntlheng ea ho thusa bahoebi ba metse eo, emong oa basebetsi ba LHDA Polihali, Gerald Mokone u bontsitse hore ba reka lijo hona ka hara motse ho bahoebi ba moo ele ho fana ka t’sehetso leho nyolla likhoebo tsa bona. U tsoetse pele are ba thusa bahoebi bao ho atlehisa likhoebo tsa bona tse sentse lile teng, leho ba etsetsa tse ling.
“Re tsehetsa bahoebi ba metse eena ho tsoellisa likhoebo tsa bona pele, ba ruileng likhoho re ba kenyetsa tseling, ba nang le likolobe kapo ba batlang ho li rua, re ba rekela likolobe tsa boleng, le ba keneng ka matla temong le tlhahisong ea litapole morero uba thusitse holi hlahisa, ebile eena ea litapole e atlehile ka ho fitisisa batho ba chaile ebile baa rekisa,” horialo Mokone.
Mokone o boetse o hlalositse hore, ba thekela bahoebi bao ka malebela ho ba tataisa naa ba li tsamaise likhoebo tseo tsa bona joang molemong oa hore liba atlehele, maphelo a bona atle abe bobebe. “Re sebetsa le hona ho ntlafatsa maphelo a batho hore ba sebelise seo banang le sona ho phela, mme rekeke ra emisa hofihlela re fihlela taba tabelo eo ea rona,” Ho phethela Mokone.
Hosale jwalo, bo mphato ba morero ba bileng teng ‘mokeng oo ba hlalositse hore ba tseba LHDA ele kompone e sehlooho hoo esa sebeletseng sechaba, ‘me ba maketse hoo haba utloa tšebetso e kana eo ba ntseng bae etsa. Ba thuolelitse LHDA ho tsoela pele moo entseng e thusa sechaba le ho ba leboha hore haea ba lahla empa e ikemiselitse ho ntlafatsa maphelo a bona.
Likhatelo pele tsa morero oa metsi a lihlaba li bontsa litlo akofisa le hona ho ntlafatsa maphelo a batho ka tsela e makatsang, oa khothatsa ebile o ikemiselitse ho thusa bana ba Basotho. Eseka eka sebetsa kapele ho phethisa tse ling tsa likhatelo pele tseo eleng hona litlo kena t’sebetsong.