Ka: Lebohang Maluke
MASERU
United Nations Development Programme (UNDP) ka tšebelisano le Lekala la Khoebo li nkile bohato ba ho matlafatsa bo-makhoebo ba basali Lesotho, kaho abela basali ba mashome a mararo le metso e ‘meli mangolo kamora ho phethela boithuto ba khoebo.
Moketeng ona, ho ile oa hoa tšoaoa sehlohlolo sa thuto tsa khoebo tse reretsoeng ho matlafatsa mesebetsi ea basali moruong le ho ba hlomella ka litsebo tse hlokahalang ho hlola liqholotso tseo ba tobaneng le tsona likhoebong tsa bona.
Morero ona ke karolo ea boikitlaetso bo pharalletseng ba ho tšehetsa basali ba khoebong, haholo Lesotho moo teka-tekano e ntseng ele pharela. Lenaneo le ne le reretsoe ho rarolla litšitiso tseo basali ba atisang ho kopana le tsona lefapheng la khoebo le ho khothaletsa ntšetso-pele ea moruo e tsitsitseng ka har’a naha.
Lithuto tsa khoebo tse fanoang tlasa lenaneo lena li ne li etselitsoe ho fana ka tsebo e sebetsang mabapi le lihlooho tse ngata tsa bohlokoa tsa khoebo, ho kenyeletsoa taolo ea lichelete, papatso, moralo oa maano le boetapele. Lithuto tsena li ne li reretsoe ho sebetsana le liqholotso tse ikhethang tseo basali ba tobaneng le tsona khoebong, joalo ka phihlello e fokolang ea lichelete, marang-rang le lisebelisoa tsa khoebo.
Sepheo e ne e le ho etsa bonnete ba hore bo-makhoebo ba fumane feela litsebo tse hlokahalang bakeng sa ho tsamaisa likhoebo tse atlehileng empa hape le ho hlola litšitiso tsa tsamaiso tse thibelang ntlafatso ea khoebo.
Motataisi oa mananeo Teboho Molopi, ea ileng a ba le seabo sa ho tataisa ba neng ba kene thupelong, o hlalositse hore tsebo e fanoeng nakong ea thupelo e ne e tobane le ho rarolla liqholotso tsa khoebo tseo basali ba atisang ho tobana le tsona. O hatelletse hore litaba tsa thupelo li etselitsoe ho ntlafatsa ntšetso-pele ea khoebo ea morupeluoa e mong le e mong, ho shebana le litharollo tse sebetsang le maano a ka lebisang kholong ea nako e telele le katleho.
E mong oa basali ba imonneng monoana Nomaphuthi Hoohlo, o re koetliso ena e ne e le monyetla oa ho fumana temohisiso e ncha ea khoebo, hape ke monyetla oa ho ntšetsa-pele morero oa teka- tekano Lesotho.
Kaha basali ba khoebong hangata ba tobana le liqholotso tse fapaneng ha li bapisoa le tsa banna, hoka kenya letsoho tsamaisong ea moruo oa naha ea Lesotho le ho etsa bonnete ba hore basali ba kenya letsoho ntlafalong ea moruo oa naha.
Moemeli oa UNDP Lesotho Dr. Jacquiline Olweya o tobokelitse bohlokoa ba ho sebetsa ka thata le boitelo ho basali likhoebong. O re basali ba lokela ho sebetsa ka thata ho tšehetsa likhoebo tsa bona.
Leha ho le joalo, lithupelo tse fanoeng ke UNDP le Lekala la Khoebo ke mohato oa bohlokoa oa ho felisa litšitiso tsena le ho netefatsa hore basali ba na le litsebo le tšehetso e hlokahalang hore ba atlehe.
Leeto la khoebo ha le bonolo empa ka litsebo le menahano e nepahetseng, basali bana ba tla tsoela-pele ho matlafatsa likhoebo tsa bona hape le ho khothaletsa basali ba bang ho phehella litoro tsa bona le ho kenya letsoho moruong oa naha.
Ha bo-makhoebo ba mashome a mararo a metso e ‘meli ba fumana mangolo a bona, joale ba se ba itokiselitse ho tobana le mathata a khoebo le ho kenya letsoho ntlafatsong ea moruo oa Lesotho. Morero oa kopanelo oa UNDP le Lekala la Khoebo ke sesupo sa matla tsa ho tsitsilela ntlafalo ea moruo.