Ka: Mpho Shelile
Mafeteng
Ka morero oa ho thusa bana ho fetela thuto ea mathomo bana le tsebo, le ho ithehela mosebetsi. Makopano Scott o ile a bona bohlokoa baho bula sekolo ele ho ruta le ho hlokomela bana.
“Se ileng sa nsusumelletsa ke ho bona bana ba sala fela ha batsoali ba ile mesebetsing joale ba hlaheloa ke mathata a mangata, joalo ka ho oela ka matamong le ho hlekefetsoa ke batho ba bang, kahoo ka bona hole molemo hore ke thehe sekolo.”
Makopano o boletse hore ho tloha ka 2011, o ile ka qala ho sebetsa ka bana ba bane, mme ho qalleng hone ho se bobebe. Ka ha batho ba ne basa tsebe hore sekolo se joalo se teng.
“Ke ile ka qala ka bana ba bane, empa ka lebaka la maemo a thata a bophelo ba ile ba fokotseha,” ho bolela Makopano. “Ngoana oa pele o ile a lula hae hobane ‘m’e oa hae a re ke motho oa li (allergies) joale sekolo hole leroele, eaba oa bobeli ntate oa hae a re oa hlekefetsoa a lule hae,oa boraro ona lula a lla nako eohle ,‘m’e oa hae o re a lule hae o tlatla ha babang bale teng ka ha o ne a le moholo lilemong, mme ke sala ka ngoana a le mong ea ileng a patala selemo kaofela ka letsatsi leleleng.”
Makopano o tsoela pele ho bolela hore ngoana eo a le mong ba ile mariheng a ntse a le mong, empa ea re ha khutla mariheng ba eketseha ba ba mashone a mabeli. Makapano bolela hore o motlotlo ka ha o phetse ka mosebetsi ona oa likonyana a ba atleha ho isa ngoana sekolong ebile a etsa tsohle tsa lapeng ka mosebetsi ona.
Ha a tsoela pele, Makopano o boletse tse ling tsa liqholotso tseo a kopanang le tsona ele batsoali basa batleng ho lefela bana kotara le thokahalo ea sebaka. “Ke na le bana ba mashome a mane a nang le metso. Liqholotso ke hore batsoali ha ba patale hantle,hare bua ka chelete ba isa bana likolong tse ling hape ha rena sebaka moo re sebeletsang ,hare fumana ntlo eo re e hirang ka mora monga ntlo eo hirileng a re ke tlameha ho batla ntlo engoe, joale batsoali ba koata hape, ke qholotso ha batsoali basa patale litefeso tsa sekolo hantle re hlaheloa ke mathata hoba re etsa tsohle hona moo.”
Makopano o boetse a bolela hore lintlafatso tsa hae hotloha a thehile sekolo sena sa hae ke hore ha joale ba rekile setša sa sekolo lehoja baso se qete, “hona joale o etsa mok’huk’hu lapeng, etloba sekolo sa bana. Ha bas ntse lokisetsa ho qetela setša, le nna ke atlehile ho reka setsha saka sa lelapa kantle ho sena sa sekolo.”
“Hona joale ke bona se tsamaea hantle haholo, ka mora lilemo tse peli ke bona hore re tlabe re qetela setsha sa sekolo ebile re aha sekolo,”
Ha a phethela litaba tsa hae, Makopano o boletse a labalabela ho kena liporojeke le mekhatlo hore a fihlile katleho ea hae le ho etsa matsete a ho boloka chelete.