Ka: Mpho Shelile
MAFETENG
E le ho phelisa lelapa la hae le ho ithehela mosebetsi, Pelaelo Rantsie o ile ka qala khoebo ea lijo ka 2006, ka ho rekisa lijo tsa hosing. Ke ka nako eo, a ileng fumana tsebo e ngata ka khoebo.
Puisanong le Informative Newspaper, Pelaelo o boletse hore ho tloha ka 2016, khoebo ea hae ea lijo e ile ea ba le katleho e kholo, ka ho kenyelletsa ho pheha lijo tsa motšeare. Mme sena se ile sa tlisa kholo e kholo khoebong ea hae.
Ha a lokolisa liqholotso tseo a kopaneng le tsona, Pelaelo o boletse Covid 19 e ile ea ba qholotso ea pele ea ho thefula khoebo ea hae, “Khoebo ea ka e ne e theoha ka nako ea Corona, empa ke ne ke ntse ke tsoela pele ka boikarabelo, ke sa emise ho thusa batho ka lijo tsa bona tsa letsatsi le letsatsi. Leha sena se ile sa ntlama ho koala nakoana.”
“Ho hlahisa lijo tse fapaneng le tse phetseng hantle, le ho pheha ka mokhoa o fapaneng ho ne ho le bohlokoa ho tsoela pele khoebong, ele ho etsa bo’nete ba hore ke hlokomela bareki baka.”
O boletse ha qholotso ea bobeli e bileng kholo-kholo ebile ha mebila e lokisoa, eo e ileng ea etsa hore sebaka seo a rekisetsang ho sona, moo a nang le mocucu, se tlosoe, ‘me khoebo ea hae ea koaloa.
Pelaelo o bontšitse ha asaka a lumella le qholotso ena hore e mothibele hotsoela pele ka khoebo ea hae kaha e le mosali oa Mosotho ea ratang hoitšoarela ka liatla tsa hae. “Ke ile ka tsoela pele ho sebetsa ka ho etsa bohobe ba maqebekoane, linaoa, le likahare tsa nku, lijo tse fapaneng tse nang le lintho tsa bohlokoa bakeng sa bophelo bo botle, le ha khoebo ese esa tsamae hantle joalo kaha ke ne ke na le sebaka seo ke sebeletsang ho sona.”
“Ho fihlela hona joale, ke ntse ke tsoela pele le khoebo, leha ho le thata haholo ho phela ka morao ho sekhele se senyenyane.”
O boletes ha qholotso e ngoe ele tsebo ea ho ngola lekeno la chelete khoebong (bookkeeping) le hore khoebo e lokela ho latela melao le lits’ebetso tse nepahetseng tsa molao joang.
“Ho latela boiphihlelo ba ka, ho bohlokoa ho batla thuso ho ba nang le tsebo e ngata, ho fumana tsebo e nepahetseng bakeng sa ho tšehetsa khoebo eaka. E le hore e be le katleho, ho tla hlokahala hore ke kenye tšebetsong tsamaiso eo mofumahali Ntšepeng a buileng ka eona, le ho fumana menyetla e mecha ea ho tsetela ka boikarabelo.
Ha a bobela ka likatleho tsa hae, Pelaelo o beletse hore o motlotlo ka hore o khonne ho ruta bana ba hae ka litsiane tseo aneng a li fumana khoebong ea hae, “Ke motlotlo ho bolela hore ke rutile bana baka ‘me e moholo ke tichere ba bang ba lihlopheng tse mahareng ha joale. ka reka sets’a kaba ka se aha.”
Pelaelo o phethetse taba tsa hae ka ho bolela hore taba-tabelo ea hae ha joale ke ho qala khoebo setšeng seo sa hae, empa feela a sena mokotla oa chelete oa ho qala. “Ha joale, ke batla ho theha mokotla oa ho qala khoebo ena e ncha, e le hore ke hlahise lihlahisoa tse fapaneng le ho holisa khoebo eaka.”