Ka: Lebohang Maluke

MASERU

President ea BAM Group Foundation, Mof. Ntšepeng Mamashiya Tšita Tikiso o hlahlelletse le ho fana ka tšepo ho baahi le beng ba likhoebo ba Mafeteng ‘mokeng oa khoebo, o bileng City Centre Hotel Mafeteng. O fanne ka leseli, bohlokoa ba ho theha likhoebo le ho li matlafatsa ho kenyeletsa le tšebeliso ea lichelete ka nepo.

Ka thupelo ena, o boetse a fana ka leseli hore naa bahoebi baka fumana lithuso kae ekaba tsa lichelete kapa tsa ho eketsa litsebo tsa tsamaisong e nepahetseng ea chelete.

O ntse a thusa batho le bo-rakhoebo ba Mafeteng ho sebetsana le mathata a khoebo le tsamaiso ea lichelete, a bile a ba khothaletsa ho kena Finite Lifestyle Club bakeng sa koetliso le tšehetso e eketsehileng moo ba fumanang menyetla ea ho bapatsa likhoebo le ho fumana likoetliso tse tebileng tsa khoebo.

Karolo e kholo ea molaetsa e bile mabapi le bohlokoa ba ho theha khoebo e hlophisitsoeng hantle. Bo-rakhoebo ba bangata, ba qalang ba banyenyane kapa banang le monahano oa ho theha likhoebo, ba hlokomele bohlokoa ba ho ngolisa likhoebo tsa bona le lekala la khoebo le Law Society of Lesotho.

O boetse a totobatsa hore ho ba le motheo oa khoebo e ngolisitsoeng ka molao ho bohlokoa eseng feela bakeng sa tšireletso ea molao empa hape le kholong le tšebetsong ea matšoao a ikhethileng a khoebo.

A eletsa bahoebi ho arola lichelete tsa malapa a bona le tsa khoebo, ho kenyeletsa le beng ba likhoebo ba etsang kopo kalimo ea lekeno la chelete letsatsi le letsatsi, hobane seo seka thefula kholo ea khobo.

Ho feta moo, o totobatsa phello ea tsamaiso e mpe ea lichelete likhoebong. Bo-rakhoebo ba bangata ba hloleha ho laola phallo ea bona ea chelete ka katleho, e leng se ka lebisang, ke ho lahleheloa ke phaello, esita le ho koaloa ha khoebo.

Ntšepeng o boetse a bolela ka tšebeliso ea cheletee nepahetseng, tlhathlobo ea lichelete kamehla, le ho boloka tlaleho ea chelete e kenang le litšenyehelo ea letsatsing ka ‘ngoe hore bahoebi ba elelloe kholo ea likhoebo tsa bona khoeli le khoeli. Tšebeliso e mpe ea lichelete ke e ‘ngoe ea lisosa tse ka sehloohong tsa ho hloleha ha khoebo, ‘me o khothaletsa beng ba likhoebo ho batla boeletsi ba litsebi kapa ho sebelisa litsibi tsa Finite Lifestyle Club hoba rupela ka bohlokoa ba poloko ea libuka.

Ntle le ho bua ka sebopeho sa khoebo le tsamaiso ea lichelete, o boetse a tsebisa sechaba ka Finite Lifestyle Club e bapala karolo e kholo kholisong ea likhoebo tsa Basotho ekaba tse nyane kapa tse kholo.

Finite Lifestyle Club e fana ka menyetla e mengata ea koetliso le tlhabollo e ka ntlafatsang tsebo ea mong’a khoebo le basebetsi. Ka sehlopha, bo-rakhoebo ba fumana monyetla oa ho fumana lithupelo mabapi le likarolo tse fapaneng tsa khoebo, ho kenyeletsoa boetapele, ho bapatsa le moralo oa maano. Lenaneo la boeletsi le hokahanya beng ba likhoebo ba bacha le litsibi tse nang le boiphihlelo tse fanang ka tataiso, likeletso le tšehetso.

Beng ba likhoebo ba bangata ba bontšitse ha likeletso tsena li tlo ba thusa ka keketseho ea phaello, mekhoa e ntlafetseng ea lichelete, le tsebo e ntlafetseng ea khoebo ‘me ba morerong oa ho likenya tšebetsong.

Ka ho kenela Finite Lifestyle Club, beng ba likhoebo ha ba ntlafatse tsebo ea bona ea khoebo feela empa ba kenya letsoho ntlafatsong ea sechaba se atlehileng haholoanyane.

Tsepamiso ea hae ea ho theha likhoebo, tsebo ea lichelete, le thuto e tsoelang pele ka boeletsi e hlile e fetola tsela eo bo-rakhoebo ba Lesotho ba atamelang likhoebo tsa bona. Ka tšehetso ea Finite Lifestyle Club, likhoebo tsa Basotho li ntse li fihlela kholo le botsitso.