Ka: Lebohang Maluke

MASERU

Letona la Temo le Lijo Mohl. Thabo Mofosi o etetse setereke sa Thaba-Tseka ho ea hlahloba tšebetso ea temo kamor’a thupelo e fanoeng ho lihoai ke lekala ka mekhoa ea temo e tsebang ho setlela khahlanong le qholotso ea boemo ba leholimo bo tjametseng lefatše.

O totobatsa hore naha ea Lesotho e kile ea tsejoa e le ’mampoli oa Temo. O lakatsa eka Basotho ba ka khutlela mekhoeng ea khale ea temo moo baneng ba lema ka matsema.

Lebitsong la lihoai Mong. Letsitsi Mokoma o re koetliso ena e ne e le ea bohlokoa. E ba tlatlitse ka tšepo le boikemisetso ba ho kena temong e tlo tlisa khora selemong sena. A etsa mohlala oa hore lihlahisoa tse kang poone e lieha ho senyeha hae behiloe sesiung. Monongoaha tjena khora e ntle haholo, selemo sena kesa khora.

Lihoai li ile tsa khothala le ho khothaletsoa ho sebetsa ka thata le ho amohela liphetoho tse tlisitsoang ke boemo ba leholimo bo tjametseng linaha tsa lefatše.

Ba boetse ba lebohile tšehetso e tsoelang pele ea ‘muso ‘me ba ts’episa hore ba tla ts’oarana ka matsoho le ho kena khoebong ea temo.

Mohl. Mofosi o bile a ipha monyetla oa ho fana ka tharollo liqholotsong tse ling tseo li tobaneng le lihoai, joalo ka ho fumana lisebelisoa tsa temo. O ba netefalelitse hore ’muso o ntse o sebetsa ka thata ho rarolla mathata ana ’me a kopa lihoai ho ba le mamello le ho tsoela pele ho sebetsa ka thata leha hole joalo.

Leeto lena la Thaba-Tseka ha lea totobatsa feela bohlokoa ba ho fana ka lithupelo ho lihoai empa le pepesa hape tlhokahalo ea ho tsoela pele ka tšehetso ho tsoa lekaleng la temo.

Ka lisebelisuoa tse nepahetseng le tšehetso e nepahetseng, naha ea Lesotho e ka boela ea fumana boemo ba eona ba ho ba ‘mampoli oa temo le ho kenya letsoho haholo kholisong ea moruo oa naha.

Tiehiso ea menontša ke engoe ea litaba tseo letona li li nkileng mofao, ‘me o hlalositse ba tloe e akofela ho fihla hoa lisebelisoa tsa temo ka nako. Letona le fane ka menontša le lichefu ho thusa lihoai tsa Thaba- Tseka.