Ka: Mpho Shelile
MASERU
Ho loantša tlhokahalo ea mesebetsi le ho susumetsa kholo ea moruo, Makhoboso Shale, mookameli oa Eternity Foods tlasa HerVerFish Organic Club, o na le sepheo sa ho matlafatsa batho ba 85 ba nang le likhoebo tse nyane le ba senang tsona ka ho ba fa tsebo e hlokahalang ea ho iketsetsa linoko (Spices and sauces).
Makhoboso, nakong ea puisano le Informative Newspaper, o ile a arolelana le rona pono ea hae bakeng sa morero ona, a totobatsa bohlokoa ba ho itlhomella le ho fana ka litsebo. O boletes sepheo sa hae e le ho fa beng ba likhoebo tse nyenyane lisebelisoa tsa ho atleha mmarakeng o thata, ho qala ka tlhahiso ea litlama tsa lijo tse sebelisang lisebelisoa tsa tlhaho (organic).
“Ke taba ea ho fa bahoebi monyetla oa ho ithehela likhoebo tsa bona, ho ntlafatsa lihlahisoa tsa bona, le ho qetella ka ho kenya letsoho ho matlafatseng moruo oa naha,” Makhoboso o hlalositse.
“Ka ho fana ka koetliso le tšehetso, ke ikemiselitse ho bona Basotho ba nka taolo ho ithehela mesebetsi le ho thusa ho tšehetsa malapa a bona.”
Ha ho ntse ho etsahala koetliso, ba kenang ba tla fumana tsebo e sebetsang ho hlahiseng, tsamaiso, le nts’etsopele ea khoebo. Makhoboso o totobalitse hore mokhoa ona o ikemetseng o tla tiisa katleho e sa feleng bakeng sa bahoebi ba amehileng.
Ntle le ho koetlisetsa mahlale a tlhahiso ea litlama tsa lijo, lenaneo le tla boela le shebana le mahlale a bohlokoa a khoebo joalo ka ho ngola libuka, ho rekisa, le ho ikamahanya le bareki.
Makhoboso o boletse hore o tšepa hore sena se tla khothaletsa setso sa ho ba bahoebi ba banyane le ba baholo ho ithukhubetsa ka thata khoebong. Pono ea hae ea nako e telele e kenyeletsa ho bona Basotho ba iphilisa ka ho itshoarela ka matsoho a bona.
“Thupelo e tlang, re tla etsa tlhahlobo e feletseng ea likhoebo, ho thusa ka mathata afe kapa afe ao ba ka tobanang le ona, le ho netefatsa hore lisebelisoa tseo ba li fumaneng li sebelisoa ka nepo,” ho bolela Makhoboso.
Ka ho khothaletsa likhoebo tse nyenyane le ho matlafatsa mahlale a bona, morero oa Makhoboso o nka mohato o moholo ho fetola maemo a moruo Lesotho. Ha morero ona o ntse o hola, ho tšepahala hore batho ba bangata ba tla latela, ba nka taolo ea bokamoso ba bona le ho kenya letsoho ho katleho ea moruo oa naha.