Ka: Lebohang Maluke

MASERU

Litsebi ho hlaha litsing tse phahameng tsa thuto, mafapha a ikemetseng le makala a ‘muso a bile le li lipuisano tse tebileng mabapi le maoala a ho susumetsa hore boithuto bo entsoeng hore lithuto tse fapaneng li fihlele litlhokahalo tsa maraca tsa mosebetsi.

Litsebi tsena li re tlhokahalo ea lichelete ke qholotso, ho ntšetso pele ea ho tsetela thutong le boqaping, manane thuto a tsofetseng, tlhokahalo ea ntlafatso, lintlafatso tse lokelang tsa mehaho le ts’ebelisano ‘moho lipakeng tsa ba amehang litabeng tsa boqapi ke lintlha tse ka sehlohong tse bakileng sekheo boithutong ba bana ba Basotho.

Mofuputsi, Dr. Sekoai Nkhi o hlalosa ha qholotso e ‘ngoe ke hosebe le kutloisiso ea horena hantle mafapha a litsi tse phahameng a ntse a ruta manane thuto a seng a sa fihlele lipehelo tsa morao-rao. Tlhokahalo ea lisebelisoa e ntse ele qholotso e kholo.

Dr. Tahleho Kama o re litsi tse phahameng li khothatsoa ke boteng ba meaho, hore li etse boithuto ba nako le nako, tseo li tla tsoela sechaba molemo.

Li naha tse ntlafetseng moruong li tsetetse haholo boithutong.

Makala a amehang a re a utloisisa haholo hore boithuto bo entsoeng bo fihlele maraka, ‘me a tšoere ka thata ho etsa melao e tla batalatsa boithuto le hore fihlela maraka.

Ofisiri Lefapheng la Liphuputso la boqapi, Mof. Lieketseng Tjokotsi o re ba lokela ho kenya molao oa mahlale tšebetsong le tšebeliso ea ona ‘me seo se tlo thusa ho netefatsa hore hoba le khokahano litabeng tsa boithuto.

Maano a teng a tataisang boqapi leha hole joalo ba lokela ho etsa ts’alo morao holima melao e joalo. Ba lokela ho bona hore bohle ba itstaisa ka melao e joalo.

Leha hole joalo, boqapi bo fana ka melemo e mengata ho bacha ba khoebong, ho ba matlafatsa hore ba atlehe maemong a kajeno a matla le a tlholisano.

Melemo e meng ea bohlokoa ke ena: Boqapi bo thusa bo-rakhoebo ba bacha ho nahana ka ntle ho lebokose, ho hlahisa mehopolo e mecha le tharollo ea mathata a khoebo. E ba khothalletsa ho lemoha menyetla eo ba bang ba ka ’nang ba e hlokomoloha, e leng se lebisang ho hlahisoeng ha lihlahisoa tse ikhethang, litšebeletso, kapa mekhoa ea khoebo.

Bacha ba ka ikamahanya le maemo a fetohang a mebaraka le litlhoko tsa bareki, ho netefatsa hore likhoebo tsa bona li lula li le bohlokoa ebile li na le tlholisano.

E holisa mohopolo oa kholo, e ba nolofalletsang ho talima litšitiso e le menyetla ea ho ithuta le ho khutlela morao ka matla. Ka ho amohela boiqapelo, bo-rakhoebo ba bacha ba ka khona ho sheba maemo a sa tsitsang ka kholiseho le mamello, ba fetola liphephetso menyetla ea kholo.

Boqapi bo lumella likhoebo tse nyane ho ikhetholla har’a bongata ka ho fana ka litlhahiso le boiphihlelo bo ikhethang. E ba nolofalletsa ho khetholla lihlahisoa kapa litšebeletso tsa bona, ho hohela bareki, le ho theha boitsebiso bo matla ba lebitso. E khothaletsa basebetsi ho kenya letsoho mehopolo ea bona, ho arolelana maikutlo a bona, le ho sebetsa ‘moho ho fihlela lipheo tse tšoanang.