Ka: Lebohang Maluke

MASERU

Letona la khoebo le mesebetsi e meholo, Mohl. Mokhethi Shelile o hlalosa hore katleho ea khoebo e itšetlehile holima boitšoaro bo botle ba bahoebi tsamaisong ea tsona, tsena o li boletse haa koala mokhahlelo oa ho qetela oa bobeli oa bacha tlasa morero oa CAFI, o thusang likhoebo tse qalang le tse ntseng li thuthuha haholo tsa bacha le basali. CAFI e qalile thupelo ena ka ngoahola Phuptjane.

Mohl. Shelile o thatiselletsa ka hore CAFI morero oa eona ke ho fana ka menyetla ea tšehetso ho likhoebo tse ntseng li thuthuha leka tšehetso ea lichelete.

Mookameli oa CAFI, Mong. Chaba Mokuku o re leeto la ho qala khoebo hale bo bebe. O ipiletsa ho bahoebi bana ho sebetsa ka thata hobane “ho khatha thite hase ntho e bonolo.”

Bacha ba bileng le seabo ba thoholetsa CAFI kaho ba hlahlella ka litsebo.

E mong oa bacha ea bileng koetlisong, Mong. Lereng Moasoang o re hone hose bobebe ho kena leetong lena. Boholo ba bona ba ne ba sena litsebo tse ntlafetseng.

Mokhahlelo oa boraro oa CAFI o tla qala ka Phato monongoaha ‘me morero ona oa CAFI o tlo fihla pheletsong ka selemo sa 2028.