Ka: Lebohang Maluke
MASERU
Ke bonyane bacha ba mashome a mararo (30) batlong ho romeloa naheng ea Russia hoea ithuta le ho intlafatsa lithutong tse fapaneng tsa mahlale ka thuso ea mokha oa UAT e etelletsoeng pele ke Dr. Mahali Phamotse. Ho ba betlela bokamoso bo chabileng, tsena o li boletse ‘mokeng oa baphatlalatsi ba sechaba.
Russia e lumela hore bacha itšoarele ka matsoho ‘me Dr. Phamotse o re ba etsa sena hoba ba hlomela ka litsebo. O re mokha o lefella bacha bao litefiso tsa sekolo ha batsoali le bahlokomeli bona batla lefella lintho tse ling.
Lebitsong la batsoali. Mong. Lebohang Machakela o laile bacha ho sebetsa ka thata. O re bacha haba fumane mesebetsi empa bana ba fuoe monyetla oa ho itšoarela ka matsoho moo ‘me bophelo bo tlo ba nolofalla.
Ba tlo ithuta mesebetsi e meng. Ba tlang ho ithuta ba re batlo sebelisa monyetla ona ka nepo hape habale naheng ea Russia ba tlo nka monyetla oa ho ithuta mesebetsi e meng e tlaba thusa ho qobana le ho batlana mesebetsi.
Bacha bana ha ba khethoa ka polotiki empa ho buletsoe bacha ba mekha eohle.