Ka: Lebohang Maluke
MASERU
Mokhethoa oa lebatooa la Stadium Area #32, Mohlomphehi Mampho Tjabane o butse ka thupelo ea matsatsi a mane. Morero oa thupelo ena ke ho matlafatsa bacha le ho bafa morolo oa ho kena khoebong ea tlhahiso temong.
Mohl. Tjabane o hlalosa ha ofisi ea lebatooa la habo e ikelelitse ho rupela bacha hore ba itlhahisetse mesebetsi ea nako e telele. Ele lebatooa ba hlokometse hore tlhoko e kholo ea bacha ke tlhokahalo ea mesebetsi ‘me thupelo e buletsoe bacha bohle.
Mosupisi, Mong. Topollo Lephatšoe o khothaletsa batho ho kenyeletsa le bacha ho ithuta ka mahlale (Science) ho nolofatsa bophelo ba bona.
Bacha ba bileng thupelong ba ananetse se entsoeng ke ofisi eo hobane boholo ba bacha ba leqhemeng la tlhokeho ea mesebetsi. Temo ke tšia e kholo ea khobo ‘me ele ea nako e telele.
E mong oa bacha, Mof. Mamello Makhobotloane o re lengolo la thuto le seke la hatella litoro tsa bona ele bacha. Ke ‘nete hore tumelo ea bacha ke ho ea mesebetsing empa basa elelloe hore baka kena khoebong ea temo hobane likelello tsa bona li ntse li matalafetse.
O phethela kaho hlalosa hore bacha ba bang ba ka kopitsa bao ba seng ba kene kahara tlhahiso joaloka ba etsang mangangajane le lino.
Leha hole joalo, bacha batlo ithuta boikarabello leba lichelete: thekiso le tšenyeho. Bacha bat lo fetoha baetapele ba thusang sechaba sa habo bona. Ba monyetleng o motle kaha marang-rang a thusana kaho hlahahlella ka litsebo tsa ho bapatsa kamora ho hlahisa. Mokokotlo oa kholo ea moruo oa naha ke temo ‘me bacha ba tsoang likolong tsa temo ba ke kenya litsebo tsa bona tšebetsong.