Ka: Lehohang Maluke

MASERU

Motlotlehi Letsie III o bile le kopano le President e ncha ea naha ea Botswana Mong. Incumbent Duma Boko le ea Afrika Boroa Mong. Cyril Ramaphosa ka sepheo sa ho tiisa maqhama a setsoalle a linaha tsena hape le ho batalatsa mabala a khoebisano.

O boetse a lebohisa President Bokoka ho hlola likhetho le ho hlomamisoa ka molao ele President.

Ke lekhetlo la pele batlo sebetsa ‘moho hape Lesotho le tlo ithuta tšebetso ea naha ena, ka ha naha ea Botswana entse e labalabela ho sebetsa ‘moho le naha ea Lesotho ka khoebisano ea metsi.

Letona la Lichelete, Dr. Retšelisitsoe Matlanyane o thatiselletsa ka hore naha ea Botswana enale likamano tse ntle le Lesotho, hape ke e ‘ngoe ea linaha tse ruileng.

Botswana e tlhokong e matla ea metsi ‘me Lesotho le ka thusetsa.

Naheng ea Afrika Boroa teng, ba leqhemeng la phepelo ea motlakase. Ha litokiso lise li phethetsoe tsa motlakase Lesotho, Lesotho le tlaba monyetleng o motle o ho fepela Afrika Boroa ka motlakase kaha motlakase o tloba ka holimo ho tlhoko ea Lesotho.

Leha hole joalo motlakase onale melemo e ngata ha linaha li hoebisana, kaha boholo ba lisebelisoa bo tsamaea ka motlakase. O bohlokoa haholo ho batho ba keneng khoebong ekaba ba sebetsang bosiu kapa motšeare. O lamella batho ho etsa mesebetsi e mengata ea boikhathollo.