Ka: Lebohang Maluke
MASERU
Ho bonahetse ha setereke sa Leribe batsoali ba hlekefetsa bana. Li tlhekefetso tse peli tse itlhommeng pele ke tlhekefetso ka motabo le ho khakhatha bana.
Sesosa sa litlolo tsena tsa molao ke baamani ‘moho ho mahlasipa (bana). Baamani ba fetohile lira tsa bana hobane ba bang ba bana ke likhutsana kapa ba siloeng ke batsoali ba ile ho lo ba fatela metsuntsunyane literekeng kapa naheng ea bo ahelane. Baamani bana ba kenyetsa mahlasipa litšoso tsa hore habaka bolella mang kapa mang ka litaba tseo batla ba bolaea kapa ho ba leleka.
Tlhokomelo e mpe ea bana ho tsoa ho batsoali e etsa ka bana ba nyamelang hoba batsoali ba ba sia kherehloa ho sena motho a moholo a ntseng a isitse bana bao leihlo. Bana ba hloka tlhokomelo e matla ea batsoali kaha seo se etsa bana ba utloe monate oa lerato la batsoali.
Batsoali kapa baamani ba fokotse ho khakhatha bana. Bana ba loketse ho khalengoa ka lesoai empa ho khakhatha teng ke tlolo ea molao hobane ba ka ba ntša maqeba kapa hoba lematsa.
Ofisiri Lefapheng la tšireletso ea bana le tekano S/INSP Petje Teke o hlalosa ha tlhekefetso tse ka holimo tse peli tse etsuoang ho bana ele tlhekefetso ka motabo le ho khakhathoa hoa bana leha ea ho se hlokomele bana e ntse e rothela hanyane libakeng tse literopong. Lefapha lena le thooletsa sepolesa sa Qacha’s Nek ka ho tlaleha litlolo tsa molao.
Batsoali ba eletsoa ho ele hloko hore ho se hlokomele bana le ho ba hlekefetsa hoba le khahlamelo kholong ea bana kaha ba bang haesele banna kapa basali ba hlekefetsa balekane ba bona.