Ka: Lebohang Maluke

MASERU

Litichere tsa likolo tsa likonyana li eletsa batsoali hofa bana morolo oa ho rata sekolo ekasita le nakong ena eo likolo li buloang ka eona. Litichere li hlalosa li tobane le qholotso ea bana ba ngalang likolong ka lebaka ts’abo ea libaka tsena tse ncha.

E ‘ngoe ea litichere, Mofumahali Kamohelo Molise o hlalosa ha bana ba qalang ho kena likonyana ba ngala sekolo ka lebaka la ho hlorela batsoali. O re ho bohlokoa ho batsoali ho tsehetsa bana  ba qalang ba qalang sekolo. O phethela ka ho hlalosa hore bana boholo ba nako ba  bo qheta ba lla ha ba bang bona ba ba nyamella.

Mof. Mahali Manyala o e ho bohlokoa ho bana ho qala lithuto tsa boemong ba likonyana (GRADE R) pele. Motheo oa ho qala lithuto boemong boo ke motheo o nepahetseng kaha bana ba fihla sekolong sa mathomo (GRADE 1).

Bana ba qalileng GRADE R ba laoleha kaha base ba tloa etse hoba sekolong le hara bana ba bang. Thabo ea bona ea khaphatseha hobane joale base banale leseli la horena sekolong ho etsoa eng.

Boima ba fokotseha ho matichere a likolo tsa mathomo ‘me seo se nolofatsa boithuto ba bana.

Ho bohlokoa ho motsoali e mong le emong ho bona hore ngoana oa hae o qhala sekolo ka motheo o nepahetseng ‘me ba lule ba ba  khothatsa ka  nako tsohle le pele ba qala hoea sekolong.