Ka: Lebohang Maluke
MASERU
Mookameli oa mokhatlo oa naha oa likhoebo tse ikemetseng, Monghali Thabo Qhesi o ipiletsa ho sechaba ho ithukhubetsa ka matla temong e bakuoeng ke ho putlama hoa tlhahiso ka hara naha ‘me sena se tla fokotsa tlhokahalo ea mesebetsi.
Qhesi o totobatsa liqholotso tse amang tlhahiso e fokolang joaloka, mecha e fokolang ea ho finyeletsa lisebelisoa ka hara naha’me seo seba le khahlamelo ho batseteli hobane karolo e ‘ngoe ea bona e ea tsamaea.
Likhoebo tse matsohong a melata e ama ntlafalo ea moruo hobane ha ba tsamaea likhoebo ea putlama.
Mohlala o a faneng ka ona ke oa thepa ea lifeme tse isoang naheng ea Amerika, o hlalosa ha thepa esa fihli ka nako Durban ho tloha Lesotho eba tahlehelo kaha sekepe se lefeloa chelete pele. Sena se baka tšetiso e kholo e nang le litšenyehelo tse boima kaha teraka e nkileng thepa e lokela ho mathela sekepe sena Cape- Town ‘me joale naha e ntse e tsola pele ho lahleheloa.
O ipiletsa ho ‘muso ho hloaea litsi tse tla thusa likhoebo ka lichelete empa o fokotse lipehelo tsa litsi tse joalo ho fihlela boemong ba machaba.
Litlaleho tsa lekala la pokello la naha li supa ha tlhahiso ea temo e theohile ka karolo efetang ts’elela lekholong hae bapisoa le kotare ea bobeli ea selemo sa 2024.
Bacha ba tsoang sekolong sa temo bona ba tobana le qholotso ea likomane tsa mobu (Form C) eo eleng pehelo e boima, litokomane tseo li seng mabitsong a bona e ba hlolisa ho fumana chelete.
Qhesi o phethela litaba tsa hae ka hore chelete ea SADP II ke kalimo ho thusa lihoai empa haesa li thusa e khutla enale tsoala ‘me seo eba tahlehelo ho naha le lihoai.