Ka: Lebohang Maluke

MASERU

Litlaleho li supa ha seterekeng sa Qacha’s Nek, lipalo-palo tse tlalehiloeng tsa tlhekefetso ea motamo lihloa mekoalaba ho feta litetereng tse ling.

‘Musi oa setereke Qacha’s Nek, Mong. Habofanoe Pheko o hlalosa ha banna le bashanyana bana le tloaelo e mpe ea ho nyala bana ba tlase lilemong tseo tse ling li eketsang litlaleho tsa thekekefetso ea motabo.

Pheko o totobatsa hore tlhekefetso ena e bakoa ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tai.

Ba bang ba batsoali ba thola haba bona tlolo ena ea molao hobane le bona ba nyetsoe ka chobeliso ‘me ba nka seo se nepanehetse. Mehla e fetohile hobane lilemong tsena chobeliso ke tlolo ea molao.

Leha mekhatlo ea litokelo tsa mantlha tsa botho e ntse e fana ka thuto ka litokelo le tlhekefetso tseo tsohle li oela litsebeng tsesa utloing ‘me ho bonahetse hore ba bang ba bashanyana ba tsoang lebollong ba etsa tlolo ena ea molao.

Mofumahali. Mookho Motheo- Lekhanya ho hlaha ho lefapha la tšireleto ea bana le litokelo tsa mantlha tsa mantlha, o hlalosa ha ba etsi ba liketso tsena tse bohla ba etsoa libakeng le ho sebelisa mefuta ea tai e tsebahalang.

Leha hole joalo bana ba nyaloang ba le tlase lilemong ba tlohela likolo ha babang  eba baimana babang tlokotsing nakong eo ba pepang hape ba ba leqe ho sebelisa lithibela pelehi kaha joale thuto ka mekhoa ea tšebeliso esa ba anele.