Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru
Lekala la Litaba tsa lehae le re hoja le rarollotse qholotso ea phano ea litokomane tsa mantlha, moo phano ea tsona e ntseng e tsoelapele, pharela e teng e ntse e le pharela ea libukana tsa ho eta kaha bothata ba marang-rang a hokelang tšebeletso ena a e’so rarolloe.
Motlatsi oa Mongoli e Moholo oa Lekala la Litaba tsa Lehae Monghali Nkhotha Machachamise o re lekala le ntse le sebetsa ka thata ho rarolla bothata ba marang-rang bo le tjametseng mabapi le phano ea libukana tsa ho eta.
A boela a eketsa ka ho etsa boitlamo ba hore ka mor’a nako e sa feliseng pelo, tsohle li tla khutlela setloaeling. A bontša hore ba hlokomela e le Lekala hore ho na le batho ba lokelang ho khutlela mesebetsing ha ba bang ba lokela ho khutlela likolong Afrika Boroa.
A re leha ho le joalo, sechaba se e le hloko hore litšebeletso li khutletse setloaeling phanong ea litokomane tsa mantlha moo a bileng a supileng hore Lekala le ekelitse lihora tsa tšebetso.
O bile a ipiletsa ho Basotho hore ba lule ba behile litsebe tsa bona hohle lialemoeeng kapa lithelefishining hore ha ho na le phetoho ea mofuta ofe kapa ofe ba tle ba tsebe.
Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba Basotho ba fumaneng litšebeletso tsa phano ea litokomane tsa mantlha ba thoholelitse Lekala ka sena, ba ipiletsa hore le rarolle bothata ba libukana tsa ho eta.
Monghali Moeketsi Lekhoana o bile a netefatsa sena ka ho toboketsa hore bohle ba fumana litšebeletso tse matlafetseng kaha ba ne ba sa lebella hore ba ka fumana tsohle li le moo li leng teng haa joale.
Lekala le re le ikemiselitse ho rarolla bothata bona haholo bakeng sa sechaba se khutlelang mesebetsing ‘moho le likolong ka ntle ho naha molemong oa boiketlo ba sona.