Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru
Linyonyobetsane ke linyonyobetsane ka khoebo, ka hona motho ka mong a ka li sebelisa ho liketsa le ho phephethela mathata ohle a bofuma le tsohle tse bo pota-potileng. Motho a ka iketsetsa chelete ka linyonyobetsane kaha ka mor’a libeke tse tšeletseng motho a atleha ho ithekisetsa linyonyobetsane e be o iphumanela chelete e bokholokhotho
Sena se netefalitsoe ke Mofumahali Makhoboso Shale ho tsoa khoebong ea ‘’Eternity Foods”. Eena ke mosali oa mohlahisi oa lijo, o ile a thehela Basotho mekhoa ea ho hlokomela le ho sebelisa litla-tlama tse ka sebelisoang bakeng sa mabaka a fapakaneng a ka ba phekolang le ho ba etsetsa chelete, a boela a ba thehela mekhoa ea leruo la litlhapi ‘me haa joale o ntse a le mothating oa ho ba thusa ho ruoa linyonyobetsane.
Linyonyobetsane ke makhona tsohle, ka tsona sehoai se ka khona ho lokisa mobu le hona ho iketsetsa manyolo.
Ha li felle hakalo linyonyobetsane, motho a ka boela a atleha ho iketsetsa tee e tšeloang lijalong ho bolaea likokoana -hloko tse khahlanong le lijalo.
Mofumahali Makhoboso o hlakisa hore sepheo sa ho etsa tjena ke ho ntša ntho e bitsoang “manyolo” ka metso hobane eona ha e tlise bophelo bo botle ka mehla e tlisa bokulo bo boholo, a bontša hape a mang a mabaka a ba susumelitseng e le taba ea ho bontša sechaba hore a se toka ho ‘na ba supa-supa ‘muso ka menoana ba re ba hloka mesebetsi empa ba ka iketsetsa mesebetsi ka mekhoa e bobebe.
O bile o thathiselletsa ka ho hlakisa hore linyonyobetsane ha li khethe nku ka pere, ba khona le ho kenyeletsa le bonkhono ba seng ba sena matla a ho etsa lintho tse boima kaha e se mosebetsi o boima.
Haa tsoela-pele o boetse o hlakisitse hore sena se ka isa litlolo tsa molao moriting kaha leruo la linyonyobetsane le tla be le ba phathahantse. Ho fihlela haa joale e se ele Basotho ba mashome a mahlano ba seng ba fumane linyonyobetsane tsa bona ‘me tabatabelo e ntse e le hore beke le beke ho be le Basotho ba fumanang linyonyobetsane.
Linyonyobetsane tsena li bonahala li feptjoa ha bobebe haholo kaha li ja meroho a khabetsoeng hantle, makhapetla a libanana,makhapetla a litapole le tse ling.
Linyonyobetsane ha se lihloeliloeng fela ka ponahalo empa ke letlotlo le nang le melemo e mengata e ka sebelisoang bakeng sa khoebo le ntlafalo ea bophelo.
Li ka boela tsa hlahisa tee e bolaeang likokoana hloko. Tee ena e ratoa ke batho ba bangata , ‘me tlhahiso ea eona e ba khoebo e atlehileng haeba e etsoa ka maano a matle, ‘me basotho ba lokela ho nka monyetla mona kaha Mofumahali Makhoboso a tla ba f aka har’e ho letsoho.