Ka: Puseletso Maqoaelane

Maseru

Bahoebi ba mahareng esita le ba banyenyane ba re ba lebeletse ka tšepo ho kengoa tšebetsong hoa maano a molemong oa kholiso ea likhoebo tsa bona selemong sena sa 2025. Ba re mosebetsi o ntse o le mongata o ‘muso o tobaneng le ona ho hlola tse ling tsa liqholotso tseo ba kopanang le tsona tšebetsong ea ona.

E mong oa bahoebi ebile e le mokonteraka oa motlakase Monghali Lisema Molise o hlalositse hore ho lokela hobe le se etsoang se tla nolofatsa tšebetso ea ho kengoa hoa thepa malibohong.

O boetse a ipiletsa ho ‘muso ho kenya tšebetsog maano le melao e sireletsang bahoebi ba Basotho khahlanong le matsoalloa a linaha tse ling.

Monghali Fusi Khoali ea hlahisang thepa ea letlalo o re tabatabelo ea hae ke ho bona litsi tsa thupelo ea mesebetsi ea matsoho li ata le ho ntlafatsoa ka har’e ho naha e le holisa sesiu sa bohlahisi bo tla qetella bo isitse naha ea Lesotho makhulong a matala.

Ho sa le joalo, Raliphatlalatso oa ‘muso, Monghali Thabo Sekonyela o ipilelitse ho bahoebi le Basotho ka kakaretso ho sebetsa ‘moho ho hlaola tse ling tsa liphephetso tse tobileng khoebo ka har’a naha. A khothaletsa sechaba ho nka boikarabello ba ho boloka khotso e le hore batseteli ba khahloe ke ho tsetela ka har’e ho naha ea Lesotho.

Bahoebi ba mahareng esita le ba banyenyane ba bontša tšepo mabapi le ho kengoa tšebetsong hoa maano a tšehetsang kholiso ea likhoebo tsa bona selemong sena. Leha ho le joalo, ho a hlokomeleha hore ho ntse ho ena le mathata ao ‘muso o lokelang ho a rarolla a kenyeletsang ho kengoa hoa thepa malibohong.

Mathata ana a ntse a beha likhoebo tse nyenyane le tse mahareng kotsing ea ho sitoa ho phethahatsa sepheo sa tsona tsa kholiso.

Leha liqholotso tsena li le teng, bahoebi ba tšepa hore maano a macha a tla tlisa litharollo tse sebetsang. Ba re tšebelisano ‘moho e matla ho tsoa ho ‘muso ke senotlolo sa ho rarolla mathata a ba amang ka kotloloho.

Kholiso ea likhoebo tsena e tla itšetleha ho latela hore na bohle ba amehang ba ikemiselitse ho rarolla liqholotso tsena joang. Bahoebi ba lebeletse selemo sena se tlise phetoho e ntle, e tla nyolla moruo oa naha ea Lesotho.