Ka: Puseletso Maqoaelane
Berea
Sepolesa sa Lesotho tlaša matšolo a ikhethang se re leha selemong sena lipula li sana ka sekhahla, sechaba se se nke monyetla ka ho tšela ka likhoroana tsa matsa kaha sena e le tlolo ea molao e ka se hlahlelang ntloana –tšoana e be se sitoa ho keteka le ba malapa nakong ena ea mafelo a selemo.
Mookameli oa Lefapha la Pholoso le Likoluoa oa Matšolo a ikethang a Sepolesa sa Lesotho S\INSP. Letsielo Mabitle o re lilemo tse fetileng, lipula li ne li na ka matla ‘me sechaba se neng se leka ho tšela ka likhoroana tsa matsa se ne se nkoa ke linoka le ho timela ke ho khongoa ke metsi. O bile a eletsa hore leha monongoaha lipula li sa na ka matla, taba eo ha e bolele hore sechaba se ka tšela fela mo se sa lumelloang kaha sena e se tlolo ea molao fela empa e boetse e beha bophelo ba bona tlokotsing ea ho hlaseloa ke litlokotsebe tse ikhapelang thepa ea bona ka mahahapa ekasita le ho ba bolaea.
Ho feta mona S\INSP Mabitle o ipilelitse ho batsoali ho tiisa haholo kalosong ea bana ba bona kaha ba bapalla metsing ho latela mocheso o utloahalang o phahame haholo.
Ho sale joalo S\INSP Mabitle o boetse a ipiletsa ho lihoai tsa liphoofolo ho tlohela ho isa bana naheng kaha bana ba nyahlatsa mehlape ho ea ipholisa matamong ba be ba qetelle ba khangoe ke metsi.
Sepolesa sa Lesotho se phetha boitlamo ba sona ba ho sireletsa sechaba le ho boloka molao, se lemosa hore ho tšela ka likhoroana tsa matsa ke tlolo ea molao e ka lebisang litlamorao tse bosula, ho kenyeletsa ho hlahleloa ntloana tšoana.
Ho qoba sena sechaba se khothaletsoa ho qoba liketso tse kotsi le ho mamela melao e teng bakeng sa polokeho ea bohle. Ho sebetsana le sepolesa ho tlaleha ba tlolang molao ke mohato o ka thusang ho boloka khotso le tšireletseho nakong ena ea mafelo a selemo. Boitšoaro bo botle bo tla thusa hore malapa a keteke ka khotso le thabo ho sena tšetiso ea letho.