Ka: Puseletso Maqoaelane

Leribe

Ofisi ea Mohlomphehi  Tona-kholo ka Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa DMA e nehelane ka matlo a macha a leshome le metso e mehlano ho batho ba tlokotsing bao matlo a bona a ileng a angoa ke lifefo ngoahola . Tšebeletso ea phano ena e bile Tabola seterekeng sa Leribe.

Letona ho tsoa Ofising ea Tona-kholo, Mohlomphehi Limpho Tau o re phano ena e phethahatsa e meng ea mesebetsi ea ofisi ea habo ea ho laola likoluoa le ho bona hore sechaba se phela ka boiketlo le tšireletseho. A boela a totobatsa hore ofisi e tla tsoela pele ho phethahatsa thomo ena ea eona. Maemong ohle.

Ho sale joalo, Mookameli oa Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa DMA monghali Reatile Elias o re ka tšebelisano ‘moho le ofisi ea Mohlomphehi Tona-Kholo, ba etsa mosebetsi ona ka ntle ho ts’ekamelo ea letho. A beha pepeneneng hore morero ke ho potoloha le naha ea Lesotho e le ho thusa bohle ba amehileng.

O boela a manolla hore thomong eo ba e fuoeng seterekeng sa Leribe hore  ba tšoahile matlo a leshome le metso e mene mabatooeng a tšeletseng. A hlakisa hore matlong ao a leshome le metso e mene, a robeli a se a phethetsoe ha a supileng a ntse a le mothating oa ho phetheloa.

Mokhethoa oa Lebatooa la Peka #17 Mohlomphehi Mohopoli Monokoane o phaphathile ‘muso lehetla ka ho ananela kopo ena ea hae hore malapa ana a tlokotsing a thusoe.

Sena se entsoeng ke Ofisi ea Tona-Kholo ka Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa DMA ke mohato o motle. Mohlomong batho ba fumanehileng bao ho se nang moo ba nkang ba ne ba tlaletsoe ke noka, ho sena seo ba ka se etsang, likhapha li kopana le mamina kamehla.

Ese eka mekhatlo ka ho fapana e se eka qopitsa sena, e phallele batho ba tlokotsing hobane le bona ha ba ikhethela hore ba fumanehe. Hape ba ntse ba behile ka hloohong hore letsoho le fanang le hlohonolofala ho feta le fuoang.

Kabo ea matlo ana ke bopaki ba boitelo ba ‘muso ba ho tsosolosa maphelo a batho ba angoeng ke likoluoa. Ho feta mona e bontša bohlokoa ba tšebelisano lipakeng tsa Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le Ofisi ea Tona-kholo e ikemiselitseng ho sireletsa sechaba khahlanong le litlamorao tsa likoluoa.