Ka: Puseletso Maqoaelane

Mafeteng

Letona la Bophelo Mohlomphehi Selibe Mochoboroane o etetse litho tsa mokhatlo oa bacha ba kereke e K’hatholike ba ileng boikhutsong ba matsatsi a supileng Mishoneng oa Mount Olivet tikolong ea Thabana Morena Mafeteng. Sepheo sa ketelo ena se hlalosoa e le ho ea thopothetsa thuto ho bacha ba na ka mekhoa e fapaneng ea ho thibela sekhahla sa kokoana hloko ea HIV\AIDS.

Letona la Bophelo Mohlomphehi Selibe Mochoboroane  o re ho sa natsoe lipalo tse phahameng tsa ts’oaetso ea HIV\AIDS haholo ho baroetsana, naha ea Lesotho e se e fihletse meoloane ea mokhatlo oa machaba oa HIV\AIDS ea ho fihlela karolo ea mashome a robong a metso e mehlano lekholong ea batho ba hlahlobelang kokoana hloko ea HIV ekasita le ba sebelisang litlhare ka nepo.

O bile a ipiletsa ho bahlankana ho thusa likhaitseli le baratuoa ba bona ho thibela litšoaetso tse bonahalang li ba teng. A ba a totobaletsa hore mokhoa o nepahetseng ke ho nena thobalano.

Ho sale joalo,lebitsong la Setsi sa Liphuputso tsa Pitsong ngaka Mpopo Tšoele o khothalelitse bacha ba kereke e K’hatholike ho rola katiba haholo bahlankana  e le o mong oa mehato ea ho fokotsa sekhahla sa tšoaetso ea kokoana hloko ea HIV.

Ho feta mona, mofumahali Tholoana Masopha ho tsoa Lekaleng la Bophelo o khothalelitse baroetsana ho hlahlobela mofetše oa popelo khafetsa. A boela a toboketsa bohlokoa ba ho isa bana ba banana  ba lilemo li robong ho isa ho tse leshome le metso e mene litsing tsa bophelo ho ea thola ente ea mofets’e oa molomo oa popelo