Ka: Puseletso Maqoaelane
Leribe
Lekala la Temo seterekeng sa Leribe le khothaletsa lihoai ho itloaetsa temo ea likotjana haholo libakeng tse methipolohong molemong oa ho hlola litholoana tse bosula tse tsoaloang ke phetoho ea boemo ba leholimo, tse kenyeletsang khoholeho ea mobu.
Litaba tsena li hlahellese ketekelong ea lekala le mafapha a nang le kobo ea bohali litabeng tsa phetoho ea boemo ba leholimo Maliba-Matšo Leribe, e neng e reretsoe ho ea hlahlella sechaba sa tikoloho ena ka mekhoa e ka se thusang ho hlola le ho phela tlas’a qholotso ena.
Phetoho ea boemo ba leholimo e hlalosoa ke Mofumahali ‘Mabolae Lephoto ho tsoa Lekaleng la Temo e roteletsoa ke ho chesa tikoloho kapa ho fulisa mekhoabo har’a tse ling. Ka lebaka lena, o bontša ha Lekala le ipiletsa ho sechaba ho emisa ketso ena hang.
Tabeng ea tlhahiso ea lijo masimong, Lekala la Temo le khothalelitse lihoai ho sebelisa lipeo tsa morao tse ntlafalitsoeng, tse tla mamella maemo ana kaha libaka tsa bona li mothipoloho,
Lekala le bile la ipiletsa ho sechaba hore ba qobe ho lema ka mokhoa o tloaelehileng, ba ke ba sebelise mokhoa oa ngoapa o jale hobane o tla ba thusa hore ba baballe mobu, o se ke oa lahleha ha bonolo, hape e tla ba thusa hore ba boloke mongobo libakeng tseo ba leng ho tsona.
Hape temong ea ngoapa o jale, ba khothaletsoa hore ba leme furu lipakeng tse tla ba thusa hore ba fepe liphoofolo ka eona.
Lihoai li tiisitse hore phetoho ea boemo ba leholimo e nyotobetsa cheseho ea tsona temong lehoja li iphelisa ka eona. Tsa re li ananela thuto eo li ntseng li e fuoa ho itšematlela khahlanong le boemo bona le hoja li re e meng ea mekhoa ena e ntse e na le likhoqetsane tse lokelang ho lokisoa. Litaba tsena li tobokelitsoe ke Monghali Tsietsi Makoetje, e le e mong oa lihoai tsa Leribe.