Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru
Setsi sa naha sa Pokello ea Mali se re ho sebetsa le mafapha a fapakaneng ho tšoara matšolo a khothaletsang Basotho ho fana ka mali ho bohlokoa kaha ho thusa ho arabela qholotso ea leqeme mali setsing. Se re ka matšolo ana, setsi se atametsa litšebeletso ho sechaba ho fana ka mali e le ho pholosa bophelo ba bakuli ba hlokang mali, haholo nakong ea matsatsi a phomolo a mafelo a selemo.
Mofumahali Rethabile Ntlobo, ho tsoa ho Setsi sa naha sa pokello ea mali o re boikarabello ba setsi ke ho khahlametsa Basotho ka phano ea mali e le ho pholosa bophelo ba Basotho ba hlokang thuso. A boela a hlalosa hore phano ea mali e bohlokoa le ho ea fanang ka ‘ona kaha e fokotsa menyetla ea a mang a mafu kaha e fokotsa phallo e holimo ea mali.
Haa ekeletsa ho melemo ea ho fana ka mali, o tobokelitse hore motho ea fanang ka mali o tla tseba sehlopha sa hae sa mali, a ba a hlakisa hore ke mahlabisa-lihlong hore e be motho haa tsebe sehlopha sa hae sa mali.
Mofumahali Rethabile o bile a ipiletsa ho Basotho hore ba fane ka mali, a re ha motho a se a tseba sehlopha sa hae sa mali, ho ba bobebe ho bona e le setsi hore ba mo fumanele mothusi.
Ho sale joalo, mohlophisi oa Lets’olo la Phano ea Mali, Monghali Thebe Leaooa o hlalositse hore letšolo lena le thokotsoe ke ho hlokomela hore ba bang ba bakuli ba hloloa ho fumana thuso litsing tsa bophelo ka lebaka la leqeme la mali. A re sechaba se lokela ho fumana thuto e nepahetseng e le thusa ho pholosa bophelo ba sona ha se le tsietsing.
E mong oa ba faneng ka mali, Monghali Tšepo Letsoela o ipilelitse ho Basotho ho fana ka ona, kaha a ithutile hore ntle le ho thusa ho pholosa bophelo ba bakuli litsing tsa bophelo, ho boetse ho molemo ho eena.
Ho fan aka mali ho ka pholosa maphelo a batho ba hlokang mali, ho kenyeletsa ba amehileng kotsing, ba monyetleng oa ho ba tsietsing ea ho ba le mafu a kotsi a kang kankere, phallo e holimo ea mali.
Ho boela ho le molemohali ho mofani kaha ho fana ka bophelo bo botle ho kenyeletsa, ho fokotsa sekhahla sa kotsi ea mafu a pelo.
Ka ho fan aka mali, batho ba thusa ho theha phepelo e tsitsitseng le e pholosoang bakeng sa ba hlokang kalafo ea ho boloka bophelo.