Ka: Puseletso Maqoaelane
Berea
Mokhethoa oa Teya-Teyaneng #24, Mohlomphehi Lebona Lephema o khakotse temo ea lehlabula ea liekere tse likete li peli ka sepheo sa ho ntlafatsa temo molemong oa ho hlola bofuma le tlala ekasita le ho ntlafatsa bophelo ba sechaba sa tikoloho ea habo.
Mohlomphehi Lephema o totobalitse hore khakolo ena e nts’etsa pele ho phethahatsa toro ea Tona-kholo ea ho aha sechaba se iphelisang ka temo. A ba a thathiselletsa ka ho toboketsa hore toro ea hae ke ho lema setereke sa Berea kaofela Isao e le ho mutsula tlala ka metso sebakeng sena.
O bile a qholotsa Basotho ka litaba tsa temo, a ba a ba khothaletsa ho li phamolela holimo kaha temo ke mokokotlo oa kholiso ea moruo oa naha. A re tebello ke hore beng ba masimo a tlang ho lengoa ba tla fumana karolo ea mashome a mabeli lekholong a kotulo.
E le ho loant’sa lehola le ka amang chai hampe, ba bang ba basebetsi ba ntseng ba lema le ho jala masimo ana ba supile hore ba sebelisa mechini ea boleng e tla hlola bothata bona. Ke metse e mene e tl’ilo imona menoana ka temo ena, metse ena e kenyeletsa oa Hara-monaheng le Lithabaneng seterekeng sa Berea.
Mohlomphehi Lephema o khakotse Temo ea Lehlabula. Khakolo ena e bont’sa boitelo ba ho sebelisa mekhoa e mecha le lisebelisoa tsa temo ho ntlafatsa temo e le ho finyella liphihlelo tse molemo ho baahi.
Ka ho fokotsa tlala le bofuma, sepheo ke ho phethahatsa morero oa ho theha tikoloho e holisang moruo oa naha le ho boloka bophelo bo ntlafetseng ba sechaba. Leha ho le joalo, ho bohlokoa hore ho sebelisoe mekhoa e tsitsitseng le ho netefatsa hore morero ona o finyella sepheo sa ho hlahisa maemo a bophelo a matle.
Ka tsela ena, Mohlomphehi Lephema o hlophisitse morero o ka thusang ho ntlafatsa bophelo ba baahi.
Eseka eka Basotho bohle ba ka qopitsa sena se etsoang ke Mohlomphehi Lephema, ruri temo ke eona malitlhofa eo Basotho ba lokelang ho e nyanya. Ka temo, tsohle li ka fihleleha, bana ba kase robale ba be ba itsose, bana ba ka atleha ho kena sekolo ka lebaka la temo le mabaka a mang a mangata a hlokang chelete a ka hloloa .
Temo, hae etsoa hantle ka nepo le ka nako e nepahetseng eka thusa ho isa mathata a mang a mangata moriting.