Ka: Puseletso Maqoaelane

Berea

Lekhotla la Motse Moholo Maseru le a mang a mafapha a ‘Muso le a ikemetseng le khakotse katametso ea lits’ebeletso sechabeng motseng oa Sekamaneng. Sena se hlalosoa e le mohato oa ho ananela khoelehetso ea ‘muso le ho atametsa lits’ebeletso sechabeng.

Lis’ebeletso tse fanoang sebakeng sena li kenyeletsa  phano ea lits’ebeletso tsa litokomane tsa boitsebiso, tsa bophelo le tsa libanka.

Mongoli oa Toropo ea Maseru Monghali ‘Moea Makhakhe o ipilelitse ho sechaba ho amohela bafani ba lits’ebeletso metseng ea sona.

Majoro oa Toropo ea Maseru, Monghali Motlalepula Sepipi o re ba fumane ho le bohlokoa ho atamela sechaba e le ho se thusa ka seo se se hlokang. A boela a hlalosetsa sechaba hore ba tlo sebetsa le ‘Masepala ka hare ho metse e teng ka har’e ho Khubetsoana, a ba a ipiletsa ho sechaba ho ba fa ts’ehetso kaha ba tlile ho tla ba fa lits’ebeletso.

Mofumahali Nts’abeng Molapo e le e mong oa bafani ba lits’ebeletso o re katametso ea lits’ebeletso ho sechaba e tla se tsoalla namane e tona kaha batho ba bang ba sitoa ho fihla libakeng tsa phano ea lits’ebeletso.

Ho sale joalo,sechaba se bile sa kopa ho lokisetsoa litsela le mabone a tseleng kaha ho le lefifi ‘me ho bonahala  litlolo tsa molao li ata.

Mok’hanselara oa sebaka sena, Monghali Thabo Sefuthi o khothalelitse sechaba ho nka boikarabello hore lits’ebeletso li fihle ho sona.

Mohato oa katametso ea lits’ebeletso sechabeng ke o mong oa lits’iea tsa puso ea sechaba kaha ba sitoang ho ikisa lits’ebeletsong ba tla khona ho li fumana.

Mohato o entsoeng ke Lekhotla la Motse Moholo Maseru, hammoho le mafapha a ‘muso le a ikemetseng , o bont’sa boikarabelo ba ‘muso ho atametsa le ho netefatsa hore lits’ebeletso li fihla ho baahi ka nepo motseng oa Sekamaneng.

Sena ke mohato o hlokahalang ho bonahatsa hore ‘muso o ikemiselitse ho thusa ho phethahatsa litlhoko tsa baahi le ho fana ka lits’ebeletso tse fanang ka ts’ehetso e matla sechabeng.

Mohato ona o boela o bonahatsa hore ‘muso o tsetela ts’ebetsong le ts’ehetsong ea sechaba. O boetse o fa baahi monyetla oa ho atleha ka ho ntlafatsa bophelo ba bona ka lits’ebeletso tse hlokahalang