Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru
E le mohato oa ho tšireletsa seriti sa bana esita leho akofisa ntlafalo ea bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi, e lebeletsoeng ho ntlafatsoa bophelo ba bona, Lekala la Thuto le Koetliso ‘moho le Action Ireland Trust li phethotse lekote la khaho ea matloana likolong tsa mathomo tsa Leqele le Makoanyane ka Labohlano.
Monghali Michael Mc Glynn e leng Mookameli litabeng tsa thuto ho hlaha mokhatlong oa Action Ireland Trust o supile hore khaho ea matloana le setsi sa bohloeki ke ntšetso-pele ea selekane seo mokhatlo oa habo o se entseng le likolo e le ho ntlafatsa boleng ba thuto ea bana ka ho ntlafatsa tikoloho eo bana ba ithutelang ho eona. A re ketso ena e reretsoe ho ntlafatsa bophelo bo botle ba barutoana.
Motlatsi oa Mongoli e Moholo Lekaleng la Thuto, Mofumahali Refiloe Kepa o tiisitse hore ka khaho ena Action Ireland International e kentse letsoho le toma ho thusa Lekala la thuto ho fihlela leano la lona la ho fana ka thuto e ntlafetseng e bileng e kenyeletsang bohle.
Ho sale joalo, Molula-setulo oa boto sekolong sa mathomo sa Leqele o ananetse tšehetso e sa thekeseleng eo sekolo sa habo esaleng se e fumana ho tsoa ho Action Ireland Trust, a supa hore matloana ana tl’ilo etsa tlatsetso e kholo haholo kaha ka lebaka la lipalo tse phahameng haholo tsa barutoana sekolong sena, matloana a ne a sa ba anele