Ka: Puseletso Maqoaelane

Maseru

Lekala la Bonono le Bochaba ka ts’ehetso ea Melodious Awards le mafapha a fapaneng  le nehelane ka likhau tse mashome a mabeli a metso e robeli ho libini le liqapi  ka sepheo sa ho holisa litalenta le ho tsosolotsa  morolo oa tsona molemong oa ho iphelisa ka talenta ea tsona. Sena se etsahetse setsing sa holo ea liboka ea Manthabiseng.

Mokete ona oa phano ea likhau o e leng lekhetlo la pele naha e o ts’oara o boetse o ts’oaea lilemo tse makholo a mabeli sechaba sa Basotho se thehiloe.

Letona la Bohahlauli, Lipapali, Bonono le Bochaba, Mohlomphehi Motlatsi Maqelepo, o hlalositse hore ho sa natsoe khaello ea lichelete, lekala le ile la ikeletsa ho ts’oara mokete oa phano ea likhau ka sepheo sa ho tlotla lefapha la liqapi le la libini. La re mokete ona o tla tsoala litholoana tse molemo tse kenyeletsang kholo ea moruo le tlhahiso ea mesebetsi.

Ka lehlakoreng le leng, Letona la likhokahanyo, Mohlomphehi Nthati Moorosi o bile a thoholetsa moralo ona. O bile o lebohile bohle ba kentseng letsoho hore tsena tsohle li etsahale. Sena se bonahala se tla isa naha ea Lesotho pele.

Mothehi oa Melodius Awards Monghali Rorisang Motsamai o re kholo ea mokete ona oa phano ea likhau e tla fihleloa ka ts’ebelisano ‘moho le mafapha a fapakaneng. O bile a qholotsa likhoebo tse ikemetseng ho kenya letsoho katlehisong ea ona.

Mokete ona oa phano ea likhau o tlotlisitsoe ka bo teng ba Khosatsana Senate Bereng Mohato Seeiso ea bileng a nehelana ka khau ea Mofumahali Mamohato ho qhoku ea ‘mino oa famo  nkhono Puseletso Seema.

Libini tse hapileng likhau li lebohile monyetla ona ka le reng, ketsahalo ena e tlilo fetola  bophelo ba tsona.

Tebello ke hore mokete ona oa phano ea likhau ho libini le liqapi o tla boela o ts’oaroa hape Isao.

Phano ea likhau ho tsoa ho Melodious Awards e bont’sa mohato o moholo oa ho ts’ehetsa bonono le boqapi sechabeng sa Basotho. Lekala la Bonono le Bochaba le bont’sa boitlamo ba lona ba ho holisa litalenta le ho tsosolosa morolo oa libini le liqapi kar’e ho naha ea Lesotho. Mokete ona o thusa ho batalatsa talenta e ncha ho bana ba Basotho, ho fa libini monyetla oa ho bont’sa bokhoni ba tsona le ho iphelisa ka talenta ea tsona.

Ka ho sebetsa le mafapha a fapakaneng, Melodius Awards e bonts’a bohlokoa ba ts’ebelisano ‘moho ho nts’etsa pele mesebetsi ea Bonono le Boqapi. Sena se tiisa hore Basotho ba ka fa litalenta sebaka sa ho iphatlalatsa le menyetla eo ba ka e fumanang eaba e ba isa makhulong a matala.