Ka: Puseletso Maqoaelane

Maseru

Mafapha a fapakaneng a nang le seabo toants’ong ea HIV le lefuba ka har’e ho naha ea Lesotho a ‘mokeng oa matsatsi a mabeli Maseru, moo a hokahanyang puo mabapi le leano la toant’so ea kokoana hloko ea HIV le lefuba, le ka thusang ho li tlisa taolong ka selemo sa 2030.

Sena se latela hore mafapha ana a e le hloko hore Lesotho le ntse le its’etlehile holim’a machaba toants’ong ea mafu ana ekaba ka lichelete kapa litsebo. Tebello ke hore Lesotho le tle le its’ematlele toant’song ea mafu ana.

Molula-setulo oa mokhatlo ona, Mofumahali Lebohang Mothae o re ‘moka ona ke oa ho itekola ekasita le ho bopa meralo e eang pele hore naha e tle e tsebe ho its’ematlela nakong ena eo lithuso tsa lichelete toant’song ea HIV le lefuba li ntseng li qepha.

Ho feta mona, Moemeli oa UNAIDS Lesotho, Mofumahali Pepukai Chikukwa o totobalitse hore ba lokela ho tseba sekhahla sa lits’oaetso hore ba be leseling ka seo ba se loant’sang kaha seo se ka ba le seabo sa ho phahamisa sekhahla sa lits’oaetso.

Setho sa komiti ea paramente se shebaneng le litaba tsa HIV\AIDS, Rev. Paul Masiu o thoholelitse boikitlaetso ba mafapha ana ka maano a eona a amang puso ho netefatsa hore Lesotho ha le lahleheloe ke melemo ea nako e fetileng empa e le ho e atolosa.

Mafapha a fapakaneng toant’song ea HIV le lefuba a bapala karolo e bohlokoa ho hlahiseng leano le tla fokotsa sekhahla sa mafu ana. Ka ho etsa lipuisano le meralo e matla, batho ba ka fuoa thuto le lihlomo tse hlokahalang ho etsa liqeto tse molemo bakeng sa bophelo ba bona haholo-holo nakong ena eo ho bonahalang lithuso tsa lichelete li ntse li qepha toant’song ea mafu ana.

Ho sebetsana le HIV le lefuba ho hloka ho utloisisa mathata a amanang le tsona, ka hona ho bohlokoa hore ho be le puisano e matla le sechaba, e nang le sepheo sa ho tsebisa batho ka mekhoa ea boits’oaro, mekhoa e amanang le bophelo bo botle e le ho fokotsa sekhahla sa ts’oaetso.

Hape ke hantle hore ho be le ts’ebelisano le mekhatlo e amanang le bophelo, ho kenyeletsa le ho netefatsa hore mananeo a toants’ong ena a fela a thusa e le ka ‘nete. Ho sa siuoe morao ho ntse’etsa-pele mecha e amanang le ho hlahisa litlhoko tsa mantlha tse ka thusang. Lesotho le lokela ho ba le tlhokomelo e eketsehileng ho basebetsi ba bophelo bo botle.

Ka ho sebetsa hammoho, mafapha a fapakaneng a Lesotho a shebaneng le mafu ana a ka kenyelletsa sepheo sa ho fokotsa HIV le lefuba, ho tsitlalla mona ho ka phahamisa boikarabello ba sechaba. ‘me ka 2030 ts’oaetso ea mafu ana eka bonahala e ea moriting.