Ka: Puseletso Maqoaelane

Berea – E le ho akofisa moralo oa Lekala la Bophelo oa phano e ntlafetseng ea lits’ebeletso, komisi e laolang ea lipapali Lesotho, ka kopanelo le mokhatlo oa lithuso baneng e leng United Nations Children’s Fund (UNICEF) li bile le litlholisano tsa lipapali tse fapakaneng sebakeng sa Ha-Tebeli, Berea, e le ho khothaletsa bacha ho etela litsing tsa bophelo ka bongata.

 Mookameli oa Komisi e laolang lipapali Lesotho (Lesotho Sport & Recreation Commission – LSRC) o supile hore litlholisano tsena li reretsoe ho nyolla morolo ho bacha, ho etela litsi tsa bophelo bakeng sa kentelo ea mafu oohle.

A boela a ipiletsa ho Basotho bohle ho nka monyetla ha lits’ebeletso li atamelitsoe ho bona ebile li fumaneha ha bobebe sebakeng se le seng.

Mokhatlo oa lithuso baneng e leng UNICEF, o re ho fihlile tlhokomelong ea ona hore bacha ba leqe ho ea lits’ebeletsong tsa bophelo. Kahoo mokhatlo o ikelelitse ho khetha ho sebelisa lipapali hobane thahasello ea bacha e bonahetse e le ho tsona.

Mofumahali ‘Mafalimehang Tjabane ho tsoa mokhatlong ona oa UNICEF o re tebello ea bona nakong e tlang, e be bana ba fumane lits’ebeletso le sechaba ka kakaretso.

Ho feta moo, Lekala la Bophelo le tobokelitse hore morero oa bona ke ho bona Mosotho e mong le e mong a ikoetlisa molemong oa bophelo bo botle.

Lebitsong la Lekala la Bophelo, Mofumahali Susan Ramakhunoane o hlalositse ha ho ile hoa tla tlhokomelong ea bona hore bacha le bana ba rata lipapali, ka hona e tla be ele bohlale ho sebelisa lipapali ho etsa sena.

Ho akofisa moralo oa Lekala la Bophelo oa phano e ntlafetseng ea lits’ebeletso bakeng sa bacha, komisi e laolang ea lipapali Lesotho le UNICEF li sebetsa ‘moho ho ts’oara litlholisano tsa lipapali tse fapakaneng. Mohato ona o reretsoe ho khothaletsa bacha ho fumana kentelo e le ho qoba ho iphumana ba kula, e be mohlomong ha ba sa khona ho fola, ba ahile serobe phiri e se jele.