Ka: Puseletso Maqoaelane

Mohale’Shoek

Letona la Lihloeliloeng, Mohlomphei Mohlomi Moleko o re lefapha la merafo le kaba le seabo se seholo kholisong ea moruo oa naha ha fela Basotho ba ka ithokhobetsa ka setotsoana khoebong ea ho rafa. Tsena li hlahelletse khakolong ea morafo oa  mashala oa Bokamoso Tau Mohale’Shoek.

Mohlomphei Moleko o re morafo ona ke karolo ea boikitlaetso ba ‘muso ho loant’sa bofuma le ho rarolla sekhahla se phahameng sa tlhokahalo ea mesebetsi ka hare ho naha ea Lesotho haholo bakeng sa bacha. A boela a khothaletsa Basotho ho se tsepamise maikutlo ho ho rafa taemane feela kaha a re Lesotho le na le lihloeliloeng tse ngata tse kenyeletsang mashala le mafura.

O boetse o kenyeletsa le taba ea hore ba sebeletsa hore ho buloe merafo, Basotho ba sebetse ho se ke hoa eba le taba ena ea hore ba lula ba ile Afrika Boroa, e be ba qetella ba etsa litlolo tsa molao. O boetse o hlalositse hore ba bang ba ba le mathata haholo ,A re sena ke se lokelang ho ea moriting kaha ba lokela ho khutla bohle ba ileng Afrika Boroa ho tla its’ebeletsa merafong ea habo bona ea Lesotho

Morafi  Mats’episo Mohapi o re morafo oa mashala o na le monyetla oa ho atolosa boemo bo fokolang ba mehloli ea lirafshoa tsa naha e laoloang ke mehloli ea taemane le ea lehlabathe ho kenya letsoho ntlafatsong ea moruo oa naha.

Mokhethoa oa Lebatooa la Taung#59 Mohlomphei ‘Matiisetso Matsie o supile hore ka bo teng ba morafo oona, sechaba sa Taung se tlo ruoa molemo ka lintlafatso tse ngata tse kenyeletsang meaho, phano ea lits’ebeletso tsa metlakase, metsi le likhoerekhoere.

Ho feta mona Mok’hanselara oa Taung, Mofumahali ‘Mamahlomola Mokhatla le sechaba sa Taung ba bile lentsoe leng hore morafo ona hao tlo theha mesebetsi feela ebile o tlo thusa ho fokotsa bofuma ka hare ho tikoloho ena.

Sena se bile sa netefatsa ke ha Mofumahali Mokhatla a ipiletsa ho morafi ho tla sebetsa le bona ka khotso. A bont’sa hore bohle ba bileng le monyetla oa ho bua, ba bont’sitse hore ba hloka ho re a tlo sebetsa le sechaba sena hantle. Ka hona a sebeletse ho se ba phoqe.

Lebitsong la sechaba, Monghali Shasha Motjebela o tobokelitse bohlokoa ba morafo ona, a hla a ala leleme phate haa hlakisa hore metse ea bona e tlo ntlafala ka ho lokisa litsela, le ka ho fumana metlakase joalo kaha e le ‘ngoe ea litlhoko tse ka sehloohong.

Morafo ona o khakoloang lekhetlo la boraro o ts’episitse ho qala ts’ebetso hang ka mora hore Lekala la Lihloeliloeng le ikholise hore efela mashala a le teng sebakeng se joalo.