Ka: Puseletso Maqoaelane

Maseru

Mokhethoa oa Stadium area #32, Mohlomphei Mampho Tjabane o re leruo la litlhapi ha le ka eloa hloko selika-likoeng sa khoebo e ka nts’ang Basotho bofumeng le tlhahisong ea mesebetsi, le ka kenya letsoho kholisong ea moruo oa naha.

Sena se hlahella moo mohoebi oa Mosotho ka ts’ehetso ea Lekala la temo, a hlophiselitseng likarolo tse fapakaneng tsa sechaba thupelo ka leruo le ts’oaro e phethahetseng ea tlhapi lekaleng la temo.

Mokhethoa oa Stadium Area #32 o toboketsa bohlokoa ba hore Basotho ba ithukhubetse ka setotsoana leruong la tlhapi, a supa hore ‘muso o malala a laotsoe ho ba ts’ehetsa litlhokong tsa bona ts’ebetsong ena molemong oa katlehiso ea eona.

Ho sale joalo, Mofumahali Makhoboso Shale e leng mohlophisi oa thupelo ena o supa hore o thakotse sena ka lebaka la  boithuto ba leruo la tlhapi le melemo eo e ka e tlisang ho sechaba sa Basotho, ho kenyelletsa ho ints’a bofumeng le tlhahiso ea mesebetsi.

Ho feta mona, o boela a supa hore ho bohlokoa ho lihoai tsa tlhapi ho ithuta ka matla tsela eo tlhahiso ea tlhapi e lokelang ho sebetsoa ka eona.

Morupeli Mofumahali ‘Mankeane Mofoti o thathiselletsa sena ka ho toboketsa hore tlhapi e hlahisoang Lesotho ha ho naha e sa e batleng empa e le taba ea lipehelo tseo ba lokelang ho li fihlela e le lihoai.

Sena se bont’sa hore tlhapi e hlahisoang Lesotho ke e manoni e bileng e phetseng hantle ebileng e senang mafu, ka hona e keke ea bakela batho ba e thabelang mafu.

E mong oa lihoai, Monghali Shemane Nkuoatsana o thoholetsa khato ena ka le reng thupelo e joalo ebile bohlokoa haholo ho bona kaha ba se ba ena le cheseho ea tlhahiso ea tlhapi lehaa litsebo le lisebelisoa lia fokola.

Ho feta mona, ba ipiletsa ho ‘muso ho tla ka maano le melao e tla ba thusa ka ‘maraka le ho ts’ehetsa tlhahiso ena ka botebo.

Leruo la litlhapi le na le melemo e mengata e amanang le moruo, bophelo le tikoloho. Ka ho fetisisa, leruo lena le hlahisa meputso e mengata le menyetla ea mosebetsi, e thusang ho phahamisa moruo oa libaka le naha ka kakaretso. Ka lebaka la tlhahiso ea litlhapi, batho ba fumana menyetla e metle ea ho sebetsa.

Ho feta moo, litlhapi li fana ka lijo tse phetseng hantle, tse nang le linoko le matsoai a hlokahalang. Tlhahiso ea litlhapi e thusa ho fokotsa tlhokohalo ea lijo tse seng hantle bakeng sa bophelo ba motho ka bo mong.

Litlhapi li na le omega 3 e leng le leng la matsoai a bohlokoa bakeng sa pelo le bohlale. Haele baneng ba sekolo teng le ala letsoho, le etsa bana ba pasang ba bang le likelello tse lulang li chabile le ho chora kamehla. Ho eketsa tlhahiso ea litlhapi ho thusa ho matlafatsa bophelo ba sechaba.

Leruo la litlhapi le fana ka sebaka sa ho ikamahanya le tlhaho, le ho phahamisa boleng ba bophelo. Batho ba bangata ba etela libaka tse nang le leruo la litlhapi bakeng sa boithabiso, e le ho fumana khotso, boithuto le thabo ho tsoa tlhahisong ea litlhapi.

Ka kakaretso, melemo ea leruo la litlhapi e atleha ho fana ka liphetho tse molemo ho moruo, bophelo le tikoloho, e leng se etsang hore e be karolo ea bohlokoa ho ntlafatseng sechaba le ho boloka tikoloho.