Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru
Setsi sa lits’ebeletso tsa lekhetho e leng Revenue Services Lesotho (RSL) ka kopanelo le sesole sa Lesotho, le Lekala la Tikoloho le Meru, se lemme lifate tsa meru e leng phaena le boleikomo tse likete li leshome liahelong tsa sesole Makoanyane.
Ntle le ho thibela khoholeho ea mobu, temo ea lifate e hlalosoa e na le seabo se seholo toant’soang ea phetoho ea boemo ba leholimo.
Sesole sa Lesotho se hlalosoa e le le leng la mafapha a boulelang polokeho ea tikoloho, kaha boholo ba naha bo apesitsoe ka lifate ke sona. Ke ka hoo RSL e keneng lenyalong lena le sona.
Major Mathatela Lethala, lebitsong la sesole o re ha ho nepahetse, matlo oohle liahelong tsa sesole a lokela ho ntlafatsoa ka lipalesa kapa temo ea lifate. Sena se etsoa e le ho ntlafatsa chebahalo ea tikoloho.
Monghali Pheello Mphana ho hlaha ho RSL o tlaleha ts’ebetso ena e le nts’etsopele ea mokhahlelo oa pele moo sesole ka kopanelo le RSL li ileng tsa lema lifate tse likete li hlano liahelong tsa sesole Ha-Ratjomose ngoahola.
O boela a totobatsa hore morero ona ke o mong oa meoloane ea ona o reretsong ho ntlafatsa tikoloho. O bile o thatiselletsa ka ho toboketsa hore RSL e tlo nyakurela taba ea temo ea lifate tsa litholoana e le ho bulela Basotho menyetla ea ho iphelisa.
Haa thathiselletsa sena o tiisa hore selemo le selemo ba tla eketsa lenane la lifate tse lengoang. Qalong ea khoeli ena, ho lenngoe tse ling tse likete li hlano seterekeng sa Berea.
Lifate tse lengoeng ke tsa meru. Ka hona Ofisiri e kholo ea litaba tsa meru sehlabeng sa Maseru, Monghali Moipatleli Lejaha o toboketsa bohlokoa ba moea o tsoaloang ke lifate. O re o bohlokoa haholo kaha o ntlafatsa phefumoloho ea batho e leng se thusang ho loant’sa mafu.
Setsi sa lits’ebeletso tsa lekhetho e leng RSL, sesole sa Lesotho, le Lekala la Tikoloho le Meru li nka karolo e kholo polokong le ntlafatsong ea tikoloho ea Lesotho.
Kaha lifate tsa meru ke karolo ea bohlokoa, ho boloka bophelo bo botle ba batho, le ho fokotsa karolelano ea carbon, ka hona ts’ebetso ena e lokela ho ntlafatsoa le hona ho ts’ehetsoa. Sena ha e tlo ba molemo oa sesole sa Lesotho fela, empa e tlo ba molemo oa naha ka bophara ‘me bohle ba tla imona menoana.
Ho bohlokoa hore bohle ba amehang ba etse liphetho tse loketseng e le ho netefatsa hore lifate li hlokomeloa ka tsela e molemo, le hore ho na le mekhahlelo e matlafatsang likopano le mekhatlo e amanang le meru. Kaha moruo le tikoloho lia amana, ho lokela ho be le ts’ebelisano ‘moho e matla lipakeng tsa mehloli e fapaneng e le ho finyella ho sepheo se le seng e leng ho boloka le ho ts’ireletsa tikoloho ea Lesotho.
Ka bokhut’soanyane, ts’ebetso ena ea RSL, sesole sa Lesotho le Lekala la Tikoloho le Meru e bohlokoa bakeng sa ho boloka le ho ntlafatsa moruo, le ho fa sechaba monyetla oa ho fumana molemo oa lifate le meru. Ho ela hloko le ts’ebelisano ‘moho ho tla thusa ho netefatsa hore meru e ntse e hola le ho boloka bophelo ka kakaretso.