Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru
Lekala la lihloeliloeng le eletsa Basotho bohle ba lakatsang ho rafa ka peke le kharafu ho atamela Lekala ba etse likopo malebana le taba ena kaha le re merafo e bohlokoa haholo kholisong ea moruo oa naha.
Tsena li hlahella ‘mokeng oo Lekala ka lefapha la merafo le memmeng barafi ba banyenyane ‘moho le batho ba nang le thahasello litabeng tsa ho rafa litaemane ka peke le kharafu ka sepheo sa ho nonya sechaba maikutlo le ho fana ka moralo oa Lekala mabapi le morero ona.
Advocate Mathalea Lerotholi e le mookameli oa lefapha la morafo oa taemane o re lefapha lena le tobane le liqholotso tse ngata papisong le mafapha a mang a morafo, ka hoo Lekala la Lihloeliloeng le hapile sets’oants’o sa molao oa lirafshoa o tlang ho thusa ho matlafatsa lefapha lena.
O boela a totobatsa hore tebello ke hore ho se sebelisoe bana ba tlaase lilemong. O tiisa hore ba ts’oarisane ka matsoho le melao e meng e tsoang makaleng a mang.
Monghali Nakane Nakane ho tsoa ho lefapha le alositseng lirafshoa ka hare ho naha, o ipiletsa ho Basotho ho ithokobetsa ka setotsoana litabeng tsa merafo kaha e le le leng la mafapha a sa angoeng ke phetoho ea boemo ba leholimo.
Ea ts’oereng molepo e le commissioner ea morafo, monghali Mohato Moima o re barafi ba tla abeloa sebaka sa (100 square metres) motho ka mong, a tsoela pele ho supa hore paballo le ts’ireletso ea tikoloho ke boikarabello ba motho ka bo mong, e leng morafi.
Monghali Mohato Moima o re ka selemo sa 2022, Basotho ba ile ba lumelloa hore ba cheke litaemane ka polomiti ena ea mineral permit, ’me eona e ajoa ho ipapisitsoe le temana ea mashome a mane a metso e ts’eletseng. E fuoa feela Basotho ka bo mong kapa baahi ba Lesotho. Tokomane ena e ke ke ea abeloa melata ho hlaha linaheng tse ka thoko empa e tla abeloa feela ba nang le litokomane tsa Lesotho tse bileng li ntseng li le nakong.
Ka lehlakore le leng, Letona la lihloliloeng, Mohlomphehi Mohlomi Moleko o re naha ea Lesotho e na le lirafshoa tse ngata tse kenyeletsang mashala le mafura, tseo naha e lokelang ho li ela hloko.
Lekala la lihloeliloeng le bapala karolo e bohlokoa ho Basotho, haholo-holo ha ho tluoa tabeng ea merafo. Merafo e na le ts’usumetso e kholo moruong oa naha, e kenyeletsang ho fa batho mesebetsi. Ka lebaka la thuso ea lekala lena, Basotho ba tla fumana menyetla ea ho rafa ka peke le kharafu, eleng mokhoa o motle oa ho atleha le ho iketsetsa mesebetsi.
Ho rafa ka kharafu ho fa barafi monyetla oa ho fumana meputso e phahameng le ho ntlafatsa bophelo ba bona, hape ho rafa ka peke le kharafu ho tla thusa tikoloho khahlanong le ho tsitsinyeha ho sa lokelang kaha ho keke oa etsa melumo e bohloko joalo ka majaratini. Majaratini ona haa lumelloa ho sebelisoa ho hang merafong ena.
Ho rafa ka peke le kharafu ho boetse ho na le melemo e amanang le ho boloka tikoloho. Lekala le tla thusa ho etsa mekhoa e amanang le ts’ebetso e bolokang tikoloho le ho netefatsa hore merafo e etsoa ka mokhoa o sireletsehileng le o nang le boikarabello. Hona ho tla thusa ho sireletsa bophelo ba batho le ho boloka mefuta e mengata ea bophelo bo botle.
Ka kakaretso, Lekala la Lihloeliloeng le eletsa Basotho ho rafa ka peke le kharafu, kaha e le tsela e matlafatsang moruo, e thusang ho eketsa menyetla le ho sireletsa tikoloho. Ho etsa likopo le ho ikopanya le lekala lena hotla thusa Basotho ho fihlella litlhoko tsa bona le ho phethahatsa merero ea bona ea moruo. Ka ho sebetsa ‘moho, ho ka netefatsoa hore merafo e tsoela pele ho fa melemo ho Basotho le ho boloka tikoloho.