Ka: Lebohang Maluke

QUTHING -Pulong ea kereke ea Methodist e ka boroa ho Africa, Mofumahali ‘Manala Mahlala o fane ka lisebelisoa tsa boitlhoekiso ho baroetsana tse kenyelletsang sesepa sa meno, sehlapang le mesangoana ea boitlhoekiso ho baroetsana ba mashome a mahlano.

Tlhokahalo ea lisebelisoa tsa boitlhoekiso tsa banana ha bale linakong eba le khahlamelo kholong ea bona. Mesangoana kapa lisepa ke tse ling tsa lintho tse thata ho fumaneha – ba tlangoa ke maemo ho pheta tseo ba li sebelisitseng ka hoo li ama bohloeki le thuto.

Baruti ba hlohononofalitse mosebetsi ona o motle pontšeng ea sechaba, baqolotsi le baphatlatsalatsi ba litaba

Bofuma bo kenya letsoho hore banana batlohela sekolo ka lipalo tse phahameng, litlaleho li supa ha ngoanana a le mong ho ba leshome a ameha le ho thefuleha lithutong. Ha banana ba fumana lithuso tse lekaneng tsa lisebelisoa ba na le monyetla oa ho fetola bokamoso ba bona.

“Ke le tichere kea tseba hore na ho bohloko haka- kang ho bona ngoana oa ngoanana a hloka mokhoa oa lisebelisoa haale linakong.” Mohatsa oa Monghali Bothata Mahlala, Mofumahali ‘Manala  Mahlala o rialo haa fana ka limpho tsena ho banana ba kabang mashome a mahlano  nakong eo mohatsa oa hae a nehelanang ka kereke ea Methodist e boroa ho Afrika.

Ho a tsebahala hore lipalo-palo tsa banana thutong halika nyoloha teka- tekano e tlo fetola boemo ba bona linaheng tse futsanehileng. Litlaleho tsa banana ba nyaloang ba sale tlaase lilemo li tlo fokotseha, hobane le sepolesa sa Lesotho se tšoenyehile ke manyalo a bana ba tlase lilemong ka lebaka la bofuma.

Thuto ke eona e thusanang ho fokotsa bofuma. Seo se tlilo thusa ngoanana ho etsa qeto ea hore naa o nyaloa neng le hore naa o tlo etsa bana ba bakae.

Litlaleho tsa mokhatlo oa  machaba a kopaneng (United Nations), li supa ha basali ba li-miloni le banana lefatšeng ka bophara ba sena mokhoa oa ho reka mesangoana ea bona kapa ho fihlela litsi tse tlo ba tataisa ka mekhoa e metle a ho itlhokomela.

Linako leha ele tlholeho joalo, bofuma bo sekhahla bo kena-kenana le litokelo tsa bona tsa bolokolohi hobane banna le bashanyana ba hobosa motho ea tsietsing ea lisebelisoa.

“Ke thabile haholo letsatsing la kajeno hake fumane limpho tsena hobane ba bang ba batsoali ba rona haba sebetse joale hoba thata ka malapeng hore re fumane lisebelisoa khoeli le khoeli. Tlhokahalo ea metsi e bapala karolo e kholo hobane joale libakeng tse ling mona Quthing metsi a khuoa ka matsatsi a hloauoeng.” Ho bolela Ithabeleng Molise, e mong  oa baroetsana ba fumaneng limpho.

Lebitsong la batsoali, Mofumahali ‘Masakoane Sakoane o lebohile ‘Manala kaho hopola baroetsana ba Ha- Koali, a mo lakaletsa mahlohonolo hobane lelapa la Mahlala le tlamahane hammoho ho tšehetsa bana le hore thuto e ntlafale hosa khethoe nku ka pere.

Banana ba Basotho ba lakatsa eka mesangoana ea boitlhoekiso ba  ka e fumana mahala joalo kaha likhohlopo ele mahala. Mesangoana e litheko li boima malapeng a hlokang. Ba re mebuso ea linaha tsa Afrika tse kenyeletsang Kenya, Uganda le Zamabia li nkile bohato ba ho fana ka tsona mahala, ka hona e se eka  Lesotho le ka kenella.

Mokhatlo o shebaneng le bohloeki ba banana le basali (Good Menstrual Hygiene Management)               o bapala karolo e kholo kaho hlaha basali, banana le batho bohle leseling ka ho ntlafatsa boitšepo ba bona ka nako eo.

Libakeng tse ka lithabeng ho bonahala ha banana ba teng ele bona ba monyetleng o moholo oa ho tlohela sekolo ka lebaka la tlhokeho ea tsebo ka bohloeki.

Mofumahali Nthati Motiki o hlalosa ha linaha tse kang bo Ghana li fumane kamora likhoeli tse tšeleng ka mora ho kenya tšebetsong leano la ho phallela ka mesangoana ea mahala, lipalo- palo tsa banana ba tlohelang sekolo li theohile.

Sekhahla sa mafu a tšoaetsanang sehloa mekoalaba nakong ea bokhachane, le bokhachane bosa lebelloang ho bana ba tlase lilemong. Bokhachane ba bana ba tlaase lilemong bo kotsi hobane ‘mele ea bona haeso be boemong ba ho beleha.

Litšoaetso nakong eo banana ba ileng linakong lia eketseha, ‘me hoba le litla morao bokamosong ba bona hoo ngoanana nakong ea bosali ba hae a ka hlokang thari kapa a kopana le mathata nakong ea pelehi. Tlhokahalo ea leseli ho banana, ho fetisa mafu a mangata ha ba qeta ho fetola mesangoana (hepatitis B le Thrust). Khatello ea maikutlo ho banana ea fokotseha haba fumana tšehetso joaloka ‘Manala a nanabelitse letsoho.