Ka: Puseletso Maqoaelane
Thaba-Tseka
Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo le Phepo e nepahetseng le etela polasi ea tlhahiso ea tlhapi seterekeng sa Thaba Tseka.
Lekala la Temo le Kanetso ea lijo le phepo e nepahetseng ka morero oa ntlafatso ea lihoai tse ntseng li thuthuoa, le ts’oaea letsatsi la lihoai seterekeng sa Thaba-Tseka ka sepheo sa ho khothaletsa bacha ho ikakhela ka setotsoana temo-khoebong e le ho loantša liqholotso tse tobaneng le bacha.
Nakong ena eo tlhokahalo ea mesebetsi e leng qholotso ka har’e ho naha, bacha ba ntse ba khothaletsoa ho ikakhela ka setotsoana temong.
Lebitsong la SADP, monghali Relebohile Khathibe o re hona le likhoebo tseo bacha ba ka li qalang kaha ‘maraka o le teng empa tlhahiso e le eona e fokolang. Ha a thathiselletsa litaba tsena, o re ba ntse ba etsa khoeheletso le ho bacha bohle ba teng hore ho tla buleloa likopo haofinyane.
O bile o ipiletsa ho bona hore ba kopitse mesebetsi e kang ena ka ha ba se ba elelletsoe hore mekhoa ea ho iphelisa e teng. O bontša ka har’e ho khoebo ena ea tlhaiso ea litlhapi ba hlaisitse mesebetsi bakeng sa batho ba bararo e le mesebetsi ea nako eohle, ‘me ho boetse hona le mesebetsi ea nakoana moo batho ba ntseng ba hiroa ho thusetsa mona le mane.
Ha a hlalosa tsa monga polasi e hlaisang tlhapi o bontša tlatsetso eo mosebetsi ona o ao etsang e le kholo, mohlomong lilemong tsa hae ha ho hopoloe hore o ntsa na le morero oa hore a batle mosebetsi o etsang chelete e betere ho feta ena. Mohlankana enoa o boleloa a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mene.
Monghali Khathibe o etsa mohlala, “haeba litlhapi li le sekete, e be mong’a polasi o rekisa e le ngoe mashome a mahlano, o tla fumana likete tse ngata tsa mashome.’’ ‘Me hona hoa utloahala hore ke eona malitlhofa e letsoele le bohasuma.
Mohlahisi oa tlhapi Monghali Khaolo Ramarumo o leboha morero ona oa SADP ka tšehetso esita le oa sebabatso ka ho mofa koetliso ka ha o re litsebo tseo a li fumaneng koetlisong eo e entse hore tsebo ea hae ea ho hlaisa tlhapi ea boleng e pharalle haholo.
O hlahisa hore setšoantso se ka har’e ho kelello ea hae ha se mo lumelle ho fella mona empa se mo lumella ho tsoela –pele ho hlaisa tlhapi ea boleng. O bile o re tabatabelo ho tsoa sebakeng sena kaha se senyenyane e be o ea ho se seholo.
Mokhethoa oa Thaba-Tseka #74 Mohlomphei Mamello Holomo o re bacha ba ka fenya qholotso ea tlhokahalo ea mesebetsi ha ba ka hlaha ka menahano e mecha le ho e ntlafatsa. Ha a hlalosa thabo ea hae, o re ke e khaphatsehang ebile e se eka bacha ba ka tseba le ho utloisisa hore ‘muso hao tlo atleha ho ba hira kaofela. Ba bang ba lokela ho itšebetsa.
Ho sale joalo, letona la bacha Mohlomphei Pitso Lesaoana o hlalosa hore boikemiseto ba ‘muso ke ho tšehetsa bacha likhoebong tsa bona, ke ka hona ‘muso o kentseng tšebetsong merero e thusang bacha ho itšematlela.
O totobatsa hore ho qetoa ho ntšuoa likopo bakeng sa sebabatso sa bobeli joalo kaha ho ile hoa eba le sebabatso sa pele. Sebabatso ha se so qete le selemo se thehiloe empa likatleho tsa sona lia babatseha Lesotho ka bophara.
Hona ke monyetla ho bacha bohle hore le bona ba kene. Ke keletso hore ho etsoe mekhoa e mengata e bileng e leng bonolo hore bohle ba atlehe ho kena.
Ho etela mong’a polasi ea litlhapi Thaba-Tseka e bile boiphihlelo bo rutang le bo khothatsang ka botlalo. Polasi ena e bontša menyetla e mengata eo temo ea tlhapi e nang le eona ho ntlafatsa bophelo ba batho le ho matlafatsa moruo oa sebaka seo.
Monghali Ramarumo o fane ka leseli le qaqileng la ho sebetsa ka thata, boqapi le ho inehela ho hlokahalang ho etsa hore khoebo e atlehe.
Litlhapi tse ruiloeng polasing ena ha li fepe feela baahi ba lehae ka phepo e nepahetseng, empa hape li etsa mohloli oa chelete ho bakhanni ba temo ena. Sena se bontša hore temo ea litlhapi ha e fane feela ka lijo empa e tlisa menyetla ea mesebetsi, e thusang ho fokotsa bofuma le ho eketsa boiketlo ba malapa a mangata.
Ka kakaretso, ho etela Thaba-Tseka polasing ea litlhapi ho hopolitse Basotho bohlokoa ba temo ea tlhapi e le karolo ea bohlokoa ea ntšetso-pele ea moruo le sechaba Lesotho.