Ka: Puseletso Maqoaelane
MASERU-Mokhatlo o shebaneng le litaba tsa HIV\AIDS e leng mokhatlo oa AHF o keteka katleho ea ho hlokomela le ho fana ka lits’ebeletso tsa litaba tsa HIV\AIDS ho sechaba se limilone tse peli lefats’eng ka bophara. Mokete ona o ts’oaretsoe Maseru.
Mofumahali ‘Mapaballo ‘Mile ho tsoa mokhatlong oa AHF, o hlalosa hore naha ea Lesotho e hlokomela sechaba se ka holimo ho likete tse mashome a mahlano se phelang le HIV\AIDS ho kenyeletsa le bacha. O re AHF e qalile ka ho sebeletsa feela bakuli ba makholo a mabeli linaheng tse peli. ‘Me ha joale ba hlokomela ba limilone tse peli ho hlaha linaheng tse mashome a mane a metso e supileng.
Leha ho le joalo, Mofumahali ‘Mile o lokolisa liqholotso tsa bona moo a supang ho lahleheloa ke bakuli e le ea tse ling tse ka sehloohong ka lebaka la ho hloka polokeho e phethahetseng.
Ha a netefatsa sena o tsoela pele ka ho bontša hore ba motlotlo haholo hobane ba bona batho ba bona ba eba le maphelo a ntlafetseng. Leha hole joalo ba ntse ba thula thaba ka phatla ka ha sisiu sa pokeletso ea naha haena mokhoa oa ho hatisa monoana, ka hona bakuli ba fetola litsi ba sa ba tsebisa e be ba ba lahlehela.e leng qholotso e kholo ha ho shejoa lipalo tsa meoloane e meraro ea 95/95/95 ea hore ho shejoe hore ka selemo sa 2030 ho be ho sena lits’oaetso tse ncha.
Lebitsong la balekane ts’ebetsong litabeng tse amanang le HIV\AIDS Monghali Boshepha Ranthiti ho tsoa LENEPA o supa hore boteng ba AHF ka har’e ho naha bo bile le seabo sa ho thusa naha ho fihlella meoloane ea machaba ea lipehelo litabeng tsa HIV\AIDS esita le ho fokotsa boima le sekhahla sa lits’oaetso tse ncha. Leha hole joalo o re thota e sa namme toant’song ea sekhobo le khethollo ho batho ba phelang le kokoana hloko.
Ha a tsoela pele o re e le bo mphato le AHF ka tlasa lekala la bophelo, ba ntse ba eme ba tiile ba bile ba itetse hore ba ts’oarisane matsoho ka ‘nete le ka tieo e le hore ba tle ba fihlele mooloane ono e le naha. O phethela ka ho babatsa AHF ka hore e phethile mosebetsi o bohlokoa ho fihlela kajeno. O tiisa hore ba bone maphelo a mangata a masea,bacha le metsofe a fetoha haholo, a batho ba phelang le kokoana hloko ea HIV\AIDS.
Mofumahali Tiisetso Piet ho tsoa mokhatlong oa NAC o re o leboha haholo hore ebe mekhatlo e kang AHF le ba bang ba kentse letsoho haholo ho bona hore boemo bo bosula ba HIV bo tloha moo bo neng le bo teng bo rinya maphelo a bacha le masea. O tsoelapele a hlakisa hore ke litaba tse monate tse lokeloang ho ketekoa haele mona kajeno batho ba bonahala ba phetse hantle, ba phela nako e telele, ba bile ba tiile hantle ‘meleng le kelellong hore ba ka tseba ho tsoela pele ka mesebetsi ea bona ekasitana le ho holisa bana ba bona.
O phethela litaba tsa hae ka hore ke thabo e kholo ho naha ea Lesotho hore ebe boima ba HIV ha bo sa bonoa ka mokhoa oa lilemo lemo tse fitileleng kaha kajeno ha ho sa fihloa boemong ba AIDS.
AHF e keteka katleho e kholo e fihletsoeng mabapi le tlhokomelo le lits’ebeletso tsa HIV\AIDS, e tlisitse phetoho e ntle ho batho ba limilone tse peli lefats’eng ka bophara. Ho tloha ha e ne thehoa, AHF e bile teng e le matla a etelletseng pele ntoeng ea ho loants’a HIV\AIDS, e fana ka tlhokomelo e kholo le ho etsa hore lits’ebeletso tse hlokahalang li fumanehe ho bohle ba li hlokang.
E ‘ngoe ea lits’iea tse ka sehloohong tsa katleho ea AHF ke boitlamo ba eona ba ho etsa bonnete ba hore tlhokomelo ea boleng bo holimo ba HIV\AIDS e fihla ho batho ba maemo ohle a bophelo, ho sa tsotellehe boemo ba bona ba moruo kapa sebaka sa bolulo. Sena se finyelelitsoe ka boikitlaetso bo matla ba ho theha litsi tsa tlhokomelo, ho koetlisa basebeletsi ba bophelo bo botle, le ho fana ka litlhare le lisebelisoa tsa bohlokoa.
Ho feta moo, AHF e sebelitse ka thata ho felisa lithibelo tse amanang le HIV\AIDS, e ruta sechaba ka mekhoa ea ts’oaetso le ho thibela ho ata hoa HIV. Boikatlaetso bona ba thuto bo kentse letsoho ho fokotsa sekhobo le ho eketsa tsebo ka mokhoa o nepahetseng oa ho itlhokomela le ho hlokomela ba bang.