Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru – Kantoro ea Liphatlalatso ea Sesole sa Lesotho e fana ka litaba tsa ts’ebetso ea Sesole sa Lesotho naheng ea Mozambique nakong ea lilemo tse tharo. ‘Moka ona o ts’oarela Ntlo-kholo ea Lekala la Ts’ireletso Maseru.
‘Moka ona o etelletsoe pele ke Major General Matela Matobakele, Colonel Rakhoro, Colonel Nts’ohi, Colonel Ramosiee, Lt.Colonel Sakeng Lekola,Lt.Colonel Makhoatle le Lt.Colonel Serobanyane.
Major General Matela Matobakele e le motlatsi oa Molaoli oa sesole sa Lesotho, o teka taba e hlalosang hore haa joale molaoli oa sesole sa Lesotho o Mozambique moo morero o phetheloang semolao. Sena se etsoa ka mor’a hore sesole sa Lesotho se romelle banna le basali ho ea e hlanaka khahlanong le marabele a neng a batla ho hapa setereke sa Cabo Delgado ka mahahapa. Major General o bont’sa tsena li entsoe ka taelo ea ‘muso oa Lesotho.
Haa tsoela-pele o re ho bile le ntoa ea lehae ka selemo sa 1975 ho fihlela ka selemo sa 1992. Ntoa ena e qalile ka mor’a hore Mozambique e fumane boipuso ho Portugal ka 1975. Ntoa ena e ne e le lipakeng tsa ‘muso oa Mozambique, o neng o laoloa ke mokha oa FRELIMO, le mokhatlo oa maoatle oa RENAMO.
Haa tiisa bobe ba ntoa ena o re e bile le phello e mpe sechabeng sa Mozambique, e bakileng lefu la batho ba likete tse makholo, le sehlopha sa baphaphathehi le ts’enyo e kholo ea moruo.
O re sechaba sa Cabo Delgado se ile sa ipeha boemong ba ho its’ema bora ka lebaka la lintlha tse ‘maloa tse ileng tsa baka ho se tsitse hoa boemo ba sechaba le moruo sebakeng seo tse kenyeletsang lits’ebeletso tse fokolang.
Haa thathiselletsa tsena o re ho haelloa hoa lits’ebeletso tsa motheo tse kang bophelo bo botle, thuto, mafura, motlakase ho bakile khatello le ho se khotsofale hoa sechaba. O tsoela-pele a bont’sa hore ho sibolloa hoa lisebelisoa tsa tlhaho sebakeng sa Cabo-Delgado ho ile hoa eba le mathata, le ho hloka botsitso kaha baahi ba moo ba ne ba sa une molemo ho tsona ka tsela e nepahetseng. Eaba sechaba se tsoela-pele ho se khotsofale.
Ho se khotsofale hona hoa batho ho bile hoa tima mollo ka parafini. Eka ho ne ho tsekoa mafura joale batho ba bang ba se ba bolailoe ha ba bang ba khaotsoe matsoele. Linaha tsa SADC li ile tsa phallela moo pitsa e belang ka masole eaba Lesotho le lona lea romella bahlabani ho ea tsitsisa maemo sebakeng seo.
Lt.Colonel Sakeng Lekola o re sepheo sa sesole sa Lesotho ke ho netefatsa hore Lesotho e lula e le naha e sireletsehileng, e nang le botsitso e bileng e khothaletsang khotso kahar’e le kantle ho meeli ea eona.
‘Me ba ne ba lokela ho thiba boemo bona ba ntoa bo seke ba fihla Lesotho, esebe ba aha serobe phiri e se e jele. O tsoela pele a hlahisa hore e ne e le tokelo ea bona ho bona hore sechaba sa Cabo-Delgado se ba le khotso.
Ho feta mona Lt.Colonel Sakeng Lekola o bont’sa hore ba ne ba lokela ho ea thusetsa Mozambique kaha motlakase o tsoang Mozambique o kenya letsoho haholo phepelong ea motlakase oa Lesotho. Haa hlalosa sena ka botlalo o re Lesotho le Mozambique li na le likamano tse tiileng, ‘me sena se sebetsa ho ntlafatsa boleng ba bophelo Lesotho le ho thusa ho fihlela litlhoko tsa motlakase oa naha.
Colonel Tefo Ramosiee ebile e le e mong oa balaoli ba mabotho a ileng ho ea e hlanaka o lebisa liteboho tse khethehileng ho bohle ba ba ts’ehelitseng ho tloha ha ntoa e qala ho fihlella haa joale. O re ekaba ba ba ts’ehelitse ka mehopolo le ka lithapelo. Haa tsoela-pele o re joalokaha lesole le shoela likano, maphelo a timetseng moleng oa ntoa a tla tlisa khotso ka har’e ho Cabo Delgado.
O boela a hlalosa hore ba ne ba sa itokisetsa ntoa ena, ka hona ho bile le liqholotso tse ‘maloa. Ba ile ba feptjoa le ho phetheloa litlhoko tse ling ke ‘muso oa Lesotho.
O re itse pele ba tloha ba ile ba fumana tlhabollo, ea re ha ba fihla hae koano ba boela ba fumana tlhabollo le ba malapa a bona e le tsitsisa likelello tsa bona kaha haa joale ha ba sale ntoeng ba se ba le khotsong, ka hona likelello li lokela ho khutlela khotsong. O re chelete e mabotho ana a e lefshoang ke etsoang ho ‘muso oa Lesotho le oa SADC.