Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru – Mokhahlelo oa bobeli oa Lebotho la boraro la Sesole sa Lesotho o fihla Lesotho.
Lebotho lena le tsoa naheng ea Mozambique moo Lesotho le neng le fuoe thomo ea ho hlanaka ntoa khahlanong le marabele a jeleng setsi naheng eo.
Lt.Colonel Sakeng Lekola e le Raliphatlalatso oa Sesole sa Lesotho o hlalosa hore sesole sa habo se motlotlo haholo ke ts’ebetso ea mabotho ana, kaha ba sebelitse ka thata ho tsitsisa maemo a bosula seterekeng sa Cabo Delgado moo sechaba se hlalosoang se ne se phaphathehile malapeng. Lits’ebeletso tsa bophelo li bile li koetsoe.
Haa thathiselletsa o re ba fumane moo metse e ka fetang 15 e ahang setereke seo e ne e se ele sieo, e chele, baahi ba balehile ba falletse. O re ba ne ba inne tlhako morong ka lebaka la lerumo. O totobatsa hore ene ele mehau feela sebakeng sena kaha likolo li ne li le sieo, litsi tsa bophelo li le sieo, likereke, masimo, likhoebo ekasitana le tse ling tse ngata tse etsang motho a phele. Empa kajeno ka lebaka la boitelo ba masole ana tsohle li boetse tloaeling.
Mohlomphei Limpho Tau ho tsoa Kantorong ea Tonakholo o bolela hore ‘muso oa Lesotho o motlotlo haholo ka ts’ebetso e phethiloeng ke mabotho ana. O re ke ts’iea e ngoe e ntlafatsang boitlamo ba linaha ba ho aha khotso molemong oa sechaba.
Haa tsoela pele o re sesole sa Lesotho se bile le litahlehelo tse ka bang tharo empa mokhahlelong ona ha ho ka ba hoa eba le tahlehelo e bang teng, o re Lebotho lena le khutlile le felletse, o tsoela pele a leboha boitelo ba bona haholo tlas’a lisebelisoa tse sieo kapa tse fokolang.
Malapa a thabile hore ba boela ba teana le baratuoa ba bona, ho feta mona maikutlo eba a fapakaneng a litho tsa malapa ho amohela lebotho lena. Monghali Sello Molofo o re o leboha haholo haele mona ba fihla ba ntse ba hema ba tsoa ntoeng. O bonts’a ha liqholotso li le ngata kaha ntoa ele mosebetsi, ‘me mohlomong ho na le ba oetseng moleng oa ntoa, o re o phaphatha malapa ano a amehileng.
Emong oa litho tsa malapa a amohelang Lebotho lena o hlahisa ha khotso ea hae e khaphatseha kaha esale a oa ka mangole ho tloha ba ile ho fihlella kajeno a ntse a bua le Molimo hore ba mpe ba khutle ba bolokehile kaofela.
Lebotho la pele la sesole le ileng la romelloa Mozambique ngoahola kolakola, labobeli la romeloa ngoahola kola ha lena la boraro le rometsoe ka Mphalane ngoahola. Sepheo se ka sehlohlolong e ne ele ho ea e hlanaka khahlanong le marabele a neng a hlasela Cabo Delgado ‘me thomo ena e fihla pheletsong ka phupu monongoaha.
Ho amoheloa hoa lebotho la boraro la Sesole sa Lesotho ke mohato o moholo o matlafatsang ts’ireletso le botsitso ba naha. Sehlopha sena se secha se ikemiselitse ho phetha karolo ea bohlokoa ho ntšetsa pele mesebetsi ea ts’ireletso, ho loantša bokhukhuni, ho hlokomela meeli ea naha le ho kenya letsoho mesebetsing ea ho boloka khotso. Hape se tla kenya letsoho ho matlafatseng likamano tsa machabeng, ho kenyeletsa ho kopanela mananeong a thuto le koetliso le linaha tse ling.
Ka ho ba le sehlopha sena se secha, Sesole sa Lesotho se tla ba le bokhoni bo betere ba ho arabela liketsahalong tse kotsi, ho kenyeletsa likoluoa tsa tlhaho le mafu a seoa. Sena se tla eketsa boikemisetso ba naha ho sireletsa sechaba le ho tiisa hore sechaba se phela ka khotso le polokeho.
Ts’ebetso ea ho amohela lebotho la boraro e boetse e bontša boitlamo ba ‘muso ho nts’etsapele Sesole sa Lesotho ka lisebelisoa tsa morao-rao le koetliso e tsoetseng pele. Sena se tla thusa ho ntlafatsa boemo ba litsebi tsa sesole, ho etsa bonnete ba hore ba ikemiselitse ho sebetsana le litšokelo tse fapaneng tsa polokeho ka katleho.
Ka kakaretso, ho amoheloa ha lebotho la boraro la Sesole sa Lesotho ke mohato o monate o tla ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi ba naha. Lebotho le lena le tla kenya letsoho ho fihlella lipakane tsa nts’etsopele ea ts’ireletso le ho matlafatsa tšireletso ea naha.
Ka ho ananela mohato ona, ho hlokomeloa bohlokoa ba tšebelisano-‘moho le boitlamo bo sa feleng ho sireletsa naha ea Lesotho le ho netefatsa hore e lula e bolokehile molemong oa meloko e tlang.