Ka: Puseletso Maqoaelane
Maseru – Ho nts’etsoa pele boikemisetso ba ho hiroa hoa baithuti ba mehleng ba Sekolo sa thuto e phahameng sa Botho.
Sena se tiisoa ke ho hokahanya mafapha a fapakaneng a khiro le aithuti a joalo ele ho tla ba bula mahlo ka tseo ba lokelang ho li ela hloko. Tsena li etsahala Manthabiseng Convection Centre Maseru.
Makhosi Hlalele ele e mong oa ba ikarabellang Sekolong sa thuto e phahameng sa Botho o re pont’so ea ho hiroa Sekolong sa Botho ke ketsahalo e reretsoeng ho hokahanya baithuti ba fumaneng mangolo le batho bao e ka bang bahiri, ho fana ka sethala sa marang-rang, lithupelo, menyetla ea mesebetsi le likeletso tsa mesebetsi. O re likhokahanyo tse tjena li kenyeletsa mesebetsi e fapaneng e kang makhotla a lik’hamphani, le lithupelo.
Haa hlalosa o re lits’iea tsa bona tse hlahang ka har’a litokomane tsa bona ke tsa ho bona hore emong le emong a fetileng liatleng tsa bona o tseba ho nahana ka thata a bile a khona ho tla le litharollo, a khona ho ikopanya le ba bang a bile a ena le mokhoa o motle oa ho buisana le batho.
O tiisa litaba tsena ka ho hlalosa hore boikemisetso ba pont’so ea ho hiroa ea Sekolo sa Thuto e phahameng se Botho ke ho matlafatsa boikemisetso ba mosebetsi oa baithuti ba eona ka ho koala lekhalo le teng lipakeng tsa thuto le mosebetsi oa motho a seng a tumme haholo ka mosebetsi oa hae. E boetse e fana ka monyetla oa bohlokoa bakeng sa lik’hamphani ho lekola talenta e ncha le ho sebelisana le sechaba.
Ho tsoa ho Lekala la Mosebetsi, Mofumahali Cecelia Seema ele e mong a buileng lebitsong la Lekala la Mesebetsi, o re tlhokahalo ea mesebetsi ke sera se seholo ka har’a naha ea Lesotho. Ka hona o ipiletsa ho bana Basotho ho etsa thuto e ka qetellang e mo file mosebetsi.
O tsoela pele ka ho khothaletsa bana ba sekolo sena ho ikopanya e le ho etsa likhoebo tseo ka tsona ba tlang ho akofisa thuto ea bona. O bua a ba laea ka thata hore ba seke ba khesa mesebetsi ha fela e ka fihlela matla a bona ba e etse, kaha batho ba bangata ba etsa mesebetsi e sa nyalaneng le mangolo a bona a thuto, ebile lipalo palo li phahame tsa banna le basali ba sa sebetseng.
O re ha ha ho sena motho a loketseng sekheo se itseng sa mosebetsi, hona le tokomane e sebelisoang e lumellang melata hore e sebetse ka har’a naha ea Lesotho. O bonts’a ho na le merero e mengata e nkang bonyane ba lilemo tse peli, o re e nka lenane le lenyane ka lebaka la lipehelo ebe ha nako ena ea lilemo tse peli e fela ebe ba felloa ke mosebetsi.
Haa tsoela pele o hlalosa hore pele ba hira ba sheba liphetho tsa motho ho tloha haa ntsale sekolong, ho bolela hore baa sheba na motho o na ipabola ha kae ebe hape motho a joalo o tla bitsetsoa ho tla hlongoa lipotso tse ‘maloa ke mohiri.
Hona le merero e ‘maloa eo motho ha motho a sa amohetsoe mosebetsing ebe o isoa ho ona, mohlala; lihalahala e ile ea beha batho libakeng tse fapaneng. O re sena se etsoa ele hore ha bahiri ba hloka phihlelo e joalo ea lilemo tse peli motho a le mosebetsing ebe motho a joalo o ba monyetleng oa ho nka sekheo se joalo.
Monghali Leboea Rankaki ele e mong a fang baithuti bana malebela a seo mohiri a se lebeletseng o re motho ka bo mong o lokela ho ba le bokhoni ba ho ruteha,ho fetoha ha maemo a fetoha le ho ba le kelello e chatsi.
Monghali Rankaki o boela a bont’sa hore ha motho a ngola tokomane ea boitsebiso e eang ho mohiri ho na le lintho tse ‘maloa tseo a lokelang ho li ela hloko ele ho netefatsa hore tokomane e totobatsa tsebo le boiphihlelo ba motho ka nepo le hore e bonts’a boemo ba motho ka tsela e hloahloa e bile e saqhelele ka thoko taba ea ho khahlisa, hore mohiri a tle a khahloe ke ho hira motho a joalo le pele a e phenyekolla.
Nakong ea lipotso ha mohiri a botsa mokopi oa Mosebetsi; mohlala haa re ‘‘ntjoetse ka uena ka botlalo’’ mokopi o lokela ho araba ka lebitso le fane, ho tloha moo a bue ka bokhoni ba hae ka sekheo se joalo, a ba bue le se tiisang hore efela a ka etsa mosebetsi o joalo. Mohlala; a ka bonts’a hore o kile a ithaopa kae, a etsang, a nka nako e kae.
O re sena se ka etsoa ha bobebe ka ho kena ho marang-rang a ‘linkedin Profile’ ebe mokopi o sheba tse ling tse khahlisang, o re hape litokomane tsena li lokela ho etsoa ho latela hore na mohiri o hloka eng; motho a seke a e etsa hangoe ebe o sa lula a e isa hohle moo likheo li tsoang. O tiisa hore hona le lisebelisoa tsa marang-rang tseo bahiri ba li sebelisang tse ba bots’ang ha tokomane e joalo e ile libakeng tse fapakeng, ka hona ba lokela ho lula ba ntse ba e nchafatsa.
O tsoelapele a bonts’a hore ‘linkedin accounts’ e tla thusa bakopi ba mosebetsi ka ho ipapatsa ho marang-rang a litsebi le likheo tsa mesebetsi.
Lehlohonolo Chefa e le Mohokahanyi oa bahoebi o re mosebetsi oa bona ke ho thusa bahoebi nakong ea likoluoa, ho aha tlhaiso ea lijo-thollo le moroho. O bonts’a ha ‘muso o ile oa buisana le Sekolo se Seholo sa Sechaba le Sekolo se Afrika Boroa sa Stellebosh ho theha setsi se tla thusa bahoebi ba nang le khahleho ea temo.
O re ba ile ba hlokomela hore bahoebi ha ba na chelete le botataisi. O re eaba ho shejoa lenane le thusang bahoebi ka lintlha tsena.
O re ho ile hoa etsoa likopo tse bileng li ntseng li etsoa le ha joale moo likhoebo tse seng ntse li sebetsa li buletsong monyetla oa ho etsa joalo, o re bahoebi ba lokela ho isa lihlaisoa tsa bona litekong ele ho netefatsa hore efela li sebetsa ‘me li se li ka isoa ‘marakeng. O re ka mor’a likhoeli tse ts’eletseng ho nkuoa mokhahlelo o mocha oa bahoebi.
Kopano ena e tlo thusa bana Sekolo sena sa Botho haholo ka ha e ba bula mahlo ka tse ngata tse ka ba isang makhulong a matala. Ese eka ba ka bula lipelo tsa bona ho amohela thuto kapa likeletso tsena tse matla ho tsoa ho litsebi.