Ka: Puseletso Maqoaelane

Maseru – Tlala naheng ea Lesotho ke taba e susumetsoang ke mabaka a kenyeletsang mathata a moruo, phetoho ea maemo a leholimo le ho se sebetse hantle hoa temo.

Ele ho hlola tsena tsohle, lekala la temo le kanetso ea lijo le hokahana ha ‘moho le Bolaoli ba tsamaiso ea likoluoa ka ho ikana ho tla kenya letsoho tharollong ea maemo a na ka monehelo oa chelete le lipeo.

Kopanong ena ho sekasekoa khaello ea lijo ka botlalo, kaha ho hlalosoa hore baahi ba Lesotho le tobane le khaello ea lijo. Ho sa ntse ho ena le Basotho ba sokolang ho bokelletsa lijo tse lekaneng li bile li matlafatsa, e leng se latelang le ho akofisa tlala le khaello ea phepo ea lijo e nepahetseng.

E le ho netefatsa litaba tsena, libui tse ling li bont’sa ha Lesotho le le kotsing e kholo ea phetoho ea maemo a leholimo. Komello le mekhoa e sa laoleheng li amme haholo tlhahiso ea temo, e leng mohloli oa boipheliso oa Basotho ba bangata.

Reatile Elias e le ofisiri e ka sehloohong ea Phethahatso ea Bolaoli ba likoluoa o re e le bolaoli bo bohareng ba Tonakholo, mesebetsi ea mokhahlela oo oa bookameli bo akhang eona kantoro ea hae, e phahamisetsoa boemong ba naha ka mokhoa o anelang naha, ‘me le matla ke a matlafalitsoeng ka ho lekana le ona mosebetsi oo.

Boikarabello boemong bona bo kenyeletsa boinahano boo ka bona ho fihleloang liqeto tse tsamaisang naha ka bophara.

Boinahano bo joalo bo akha ho hloaea maemo le mabaka a ho senyeha hoa litsela, masimo, lijalo ekasita le matlo a bolulo, boholo e le maluting moo matlo a sa sireletsehang kaha metse le metsana e arohane haholo ebile e fokola ka palo. Sena se beha le litora tsa likhokahanyo tsa tekheniki ka mefuta tlokotsing.

Haa tsoelapele Elias, o re kantoro ea hae e khothalla ho nka likhato tsa ho rarolla mathata a joalo hona libakeng tse joalo hang ho ba bothata bo hlokomeleng tsebong le boteng ba lefapha la hae.

O tsoela pele a bont’sa ha linaha tsa Afrika li ilo kopana Johannesburg, Afrika Boroa e le ho ea fanana ka malebela; mohlala, maemo le mekhahlelo ea palo ea batho ka lihlots’oana tsa Sechaba ka ho fapana, ekaba holimo kapa tlaase, tlhokahalo ea lisebelisuoa j.j E re ha tsohle li se li etsahetse, ‘muso o tla fana ka tharollo.

Letona la Temo le Kanetso ea Lijo Mohlomphei Thabo Mofosi o tiisa boitjoetso ba bo mphato oa hae ba ho holisa temo-thuo e le ho nyolla moruo oa naha.

Haa thathiselletsa litaba tsena o re ke mahlabisa lihlong hore Lesotho entse e ele naha e amohelang liphallela ho isa ho le holimo.

Maikutlo a hae ke hore baetapele ba abetsoeng malulo ka mekhoa le mafapha a fapakaneng a ‘muso ba lokela ho sebeletsa nakong.

Hofeta moo, o re ba nke khato ea ho seka-seka lits’itiso tse latelang morethetho oa litikoloho tsa mosebetsi le pele li ja setsi morerong ona o motle.

O boela a khothaletsa boithuto bo tla matlafatsa kamoo Sechaba sa Basotho se ka amohelang Basotho ba bang ka eona kantle ho nyefolo ea phapang efe kapa efe e ka iponahatsang seemong kapa boits’oarong ba emong.

Makala ana a mabeli a bonahala a ena le morero o motle haholo ‘me Basotho bohle ba tlang ho una molemo ona ba lehlohonolo. Basotho ba lokela ho tiisa lirethe e le ho fokotsa le ho felisa liphallelo.

Hape ba lokela ho fetola mokhoa oo ba ts’oarang se boikarabellong ba bona ka teng ele ho isa mathata a mangata moriting.