By: Puseletso Maqoaelane

Maseru – Haa joale, ke nako ea selemo e bonahalang e le bolutu haholo ho baits’okoli ka har’a litoropo tsa Lesotho. Serame le mohatsela li bonahala li nkile mojao oa pele. Lebaka ke phetoho ea maemo a leholimo a fetohang hangata.

E mong oa baits’okoli ka har’a toropo ea Botha Bothe, Ts’ooana Molomo, ea iphelisang ka ho rekisa likuku, linomapholi le litlhapi. O bonts’a ho le boima haholo kahar’a khoebo ea hae kaha ho se ho sena bareki ba bangata ka lebaka la ho bata ‘me ba se ba tlameha ho chaisa ka pelenyana molemong oa bophelo bo phethehileng.

Haa tiisa litaba tsa hae, o re haele mariha tjena lijo tseo a li rekisang li hatsela ka pele e be moo bareki ba lahlang tjantjello hobane e le kannete lijo tseop li sena ho futhumala lets’eare lohle.

O boetse o hlakisa ha bareki ba linomapholi tse fumanehang thekisong ea hae e le tse batang mme linakong tsa mohatsela bareki boholo ba bonts’a tjantjello lining tse mufuthu hofeta tseo tsa hae.  

O re o tleloa ke menahano e mengata ea khoebo.

O re thekisong ea hae ea tee e chesang kahar’a toropo, o sa ntse a thula thaba ka phatla kaha joale ba bonahala ba se ba e rekisa ka bongata, eleng moo ho bonahalang tlholisano e matla ea khoebo.

Motseki Ntaisane e le e mong oa baits’okoli ba hlahelletseng ka ho rekisa lijo thollo ka har’a toropo ea Maseru, o bonts’a serame e le sera se seholo sa khoebo ea hae.

O re serame sena se mo phahamisetsa mafu a kang sefuba le mangole kaha a se a bonahala e le motho a moholo lilemong,

’’Nka be ke le hole hampe ho ja ese ka serame sena se kenellang masapong se bileng se ntsosetsang boqhoala’’, a rialo Ntaisane. Ntaisane o re ha ho bata lijo thollo tsa hae ha li rekoe ka ha batho ba tsamaeang seterateng ba fokola ba bile ba mo totobaletsa hore lijo thollo li ba bakela serame. 

O re o leka bothata bona kaho kena likantorong tse fapakaneng a rekisa lijo thollo, mme le ha bareka bao beng ba li kantoro, boholo ba tsona li khutla li sa rekoa kaha a sa fihlele bangata boo a bo labalabelang.

E mong ea buileng e le moits’okoli ea iphelisang ka ho ntlafatsa batho moriri, eleng Thato Matete ho hlaha seterekeng sa Mafeteng, o re serame se mo raile maling a mpa ha bohloko kaha joale batho ba se ba sa thahaselle ho ntlafatsa hakaalo moriri,

“ba se ba sa li hlatsoe ka mekhoa ea se joale joale khafetsa. Haho bata tjena ba roala likatiba fela, motho e mong haa tsoafe ho nka ho isa ho likhoeli tse tharo kapa libeke esale a ntlafatsa moriri ka khoele ebe o lutse a roetse moriri ea maiketsetso”.

O bua mantsoe ana puisanong ea ea hae le emong oa baqolotsi ba koranta.

Likhoebo tsa Basotho li bonahala li ameha haholo ke maemo a leholimo kaha baits’okoli ba lla ka hore bareki ba fokola nakong ena. Hofeta moo, mosebetsi o lieha ho qala hobane ba na baits’okoli ba lieha ho theohela kaha serame se sa lumelle bareki ho sebelisa lino mapholi, lijo thollo le lijo tse batang hoseng joalo ka Hlabula.