Sekolo sa Mosh se rutang batho ho pheha, ho baka le ho fepa (Mosh School of Baking and Catering) se theuoe ka 2003, se na le basebetsi ba leshome le metso e mene. Ke sekolo sena se fuoeng monyetla oa etsetsa Rabasotho Cake ea letsatsi la hae la tsoalo le keteketsoeng hara sechabahali sa Basotho ka Mantaha bekeng ena. Teng moketeng oo, Basotho ba bohile ka tsela tse fapakaneng boiphihlelo ba sekolo ka ha Cake e bile eona eo ba ratileng ho qoqa ka eona marang-rang le libakeng tse ling. Informative News e kopane le mothehi le Motsamaisi ‘M’e Mamoshe Makumane, ho re fa a hae maikutlo ka mosebetsi oa hae.

1. Informative News: Ke eng e susumelitseng mokhabiso oa cake ea Motlotlehi?

Ke boemo ba hae e le Motlotlehi, e le ntate oa rona Basotho. Ke bochaba ba hae e le Mosotho.

2. Informative News: Ke boikhathatso kapa liqholotso li feng tse bileng teng ha o etsa cake ee?

Tsotello, mamello, boitelo le boitebalo, ho tsepamisa maikutlo, ho fumana thepa ea boleng ho latela boemo ba hae.

3. Informative News:  Maikutlo a sechaba se sengata sa Basotho a shebahala a nyenyefatsa mosebetsi oa hao, maikutlo a hao ke a feng tabeng ee?

Cake ena ke e entsoe ka thepa ea quality, maikutlo a tebileng ‘me hoo ho nkhothalitse. Basotho ha ba  hahane, maikutlo a bona a hlaba, ba inkela liqeto ha ba  batlisise taba. Ba pelo li bohloko ha ba na katamelo e ntle. 

4.Informative News: Ke selemo sa bo kae o etsa cake ea Motlotlehi?

Ke selemo sa bo robong, hara tsona ena ke ea bobeli e pataloang ha tseling tsohle ebile mpho ho Rabasotho.

5. Informative News: Mantsoe a hao a khothatso ho batho bohle ba kopanang le qholotso ea mosebetsi oa bona ke afe?

Ba etse mosebetsi ka boitelo le boitebalo kamehla. Ho tla ba bobebe ho jara boima bohle. Ba be le mamello le lerato la mosebetsi oa bona. Ba nke nyefolo e le ho hahea.